Isaia 55:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)8 Hobane mehopolo ya ka hase mehopolo ya lona, ditsela tsa lona hase ditsela tsa ka: ho bolela Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE8 Mehopolo ya ka hase mehopolo ya lona, tsela tsa lona hase tsela tsa ka,” ho rialo Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;
Ho itswe: Ekareha monna a hlala mosadi wa hae, mme mosadi eo a tloha ho yena, a ya nyalwa ke monna e mong, na monna eo a ka boelana le yena? Ha ke re, naha e ka silafala hohle ka ho jwalo? Haele wena, o nnile wa ineela bofebe le dinyatsi tsa hao tse ngata, mme o ne o tla boela ho nna na? ho bolela Jehova.