Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 55:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane jwalokaha pula le lehlwa di theoha lehodimong, mme di sa kgutlele teng di eso ho nosetse lefatshe, le ho le behisa, le ho le medisa, le tle le ntshetse mojadi peo, le moji bohobe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 “Jwalokaha pula le lehlwa di etswa lehodimong, mme di sa kgutlele teng di sa kolobisa lefatshe, hore le medise dimela di tle di atlehe, di hlahisetse mojadi peo, batho ba fumane dijo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 55:10
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le veine e thabisang pelo ya motho, le ole e kgantshang sefahleho sa hae, le bohobe ba tiisang pelo ya motho.


Mohlang oo, o tla nesetsa dijalo tseo le tla di lema masimong, bohobe ba hlaku tse medisitsweng ke mobu e tla ba bo nonneng, bo kgorisang; mehleng eo, mehlape ya lona e tla fula makgulong a ahlamileng.


ke tla e senya, e se hlole e hlaholwa, e lengwa, mme e mele dibajwa le meutlwa; mme ke tla laela maru hore a se hlole a nesetsa pula ho yona.


Hobane jwalokaha lefatshe le medisa dimela tsa lona, le jwaloka tshimo ha e medisa tse jadilweng ho yona, ho jwalo Morena Jehova o tla medisa ho loka le dithoko pontsheng ya ditjhaba kaofela.


Bona le ba ka mathoko ho leralla la ka, ke tla ba etsetsa hlohonolofatso; ke tla nesa pula ka nako ya yona; dikgohola di tla ba teng tsa mahlohonolo.


Le itjallele ho loka, le tle le kotule mohau; le itemele thite e ntjha; hobane ke nako ya ho batla Jehova, a tle a be a tle, a le nesetse ho loka.


Mohlang oo, ke tla utlwa, ho bolela Jehova, ke utlwe mahodimo, wona a utlwe lefatshe,


Thuto ya ka e tla rotha jwaloka pula; dipolelo tsa ka di tla qhitsa jwaloka phoka, di be jwaloka pula e tshesane e kolobisang jwang bo botjha, le jwaloka marothodi a nelang jwang.


Di na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na ka matsatsi ao di porofetang ka wona; hape, di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka dikotsi tsohle, nakong tsohle tseo di ka ratang ho etsa jwalo.


Davida a eketsa hape, a botsa Jehova; Jehova a mo arabela, a re: Tloha, o theohele Keila, hobane ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ