Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 54:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Taba eo e dutse ho nna e tshwana le ya metsi mohla Nowe, kamoo ke neng ke hlapantse kateng, hore metsi a Nowe a ke ke a boela a kwahela lefatshe; ke bile ke hlapanya hore ha ke sa tla hlola ke o halefela, leha e le ho o kgalemela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 “Ho nna tsena di tshwana le tsa mehleng ya Nowe, ha ke ne ke hlapanya ke re: Morallo o ke ke wa eba teng hape; kahoo ke hlapanya hore nke ke ka hlola ke o halefela, nke ke ka hlola ke o kgalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 54:9
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


O tla lebala bohloko ba hao, o bo elellwe jwaloka metsi a fetileng;


O beetse metsi meedi hore a se hlole a e tlola, a se ke a boela a apesa lefatshe.


Ka letsatsi leo o tla re: Jehova, ke a o rorisa, hobane o ne o nkgalefetse, empa bohale ba hao bo kgutlile, mme o ntshidisitse.


Thalatsa ka nqa tsohle, o tadime! Ba phutheha kaofela, mme ba tla ho wena. Jehova o re: Ka nna ke leng Modimo, ke re: Ruri o tla ikgabisa ka bona kaofela, o itlame ka bona, jwaloka monyaduwa ha a itlama ka mekgabo ya hae.


Ho itswe ke Jehova, Morena wa hao le Modimo wa hao, ya pheteletsang tjhaba sa hae: Bona, ke tlosa mohope o tahisang letsohong la hao, mohope wa kgalefo ya ka; jwale, ha o sa tla hlola o nwela ho wona.


Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.


Hobane ba tla jewa ke tshwele jwaloka seaparo, seboko se ba qete jwaloka boya; empa ho loka ha ka ho tla nne ho be teng ka ho sa feleng, le poloko ya ka kamehla le mehla.


ho dutse jwalo le lentswe la ka le tswang molomong wa ka: le ke ke la kgutlela ho nna le le feela, empa le tla sebetsa se ratwang ke nna, le phethe seo ke le rometseng sona.


Jehova o hlapantse ka le letona la hae, ka letsoho la hae le matla, a re: Ha ke sa tla hlola ke neela dira tsa hao koro ya hao hore e be dijo tsa tsona, mme baditjhaba ha ba sa tla hlola ba enwa veine ya hao eo o itshebeleditseng yona.


Ho itswe ke Jehova: Ha mahodimo a hodimo a ka lekanngwa, le yona metheo ya lefatshe e katlase e ka fihlelwa, ke moo ke tla lahla leloko lohle la Iseraele ka baka la tsohle tseo ba di entseng, ho bolela Jehova.


Ke tla kgutsisa kgalefo ya ka jwalo, eo ke o halefetseng ka yona, mme poulelo ya ka e tla o tlohela; ke tla kgutsa, ke se ke ka hlola ke halefa.


Tafoleng ya ka, le tla kgora dipere le tse bofshwang, diqhenqha le bohle banna ba ntwa: ho bolela Morena Jehova.


Mme ha ke sa tla boela ke ba patele sefahleho sa ka, kahobane etlaba ke tsholletse moya wa ka tlung ya Iseraele: ho bolela Morena Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ