Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 52:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A matle hakakang dithabeng maoto a ba tlisang ditaba tse molemo, ba bolelang kgotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Modimo wa hao o a busa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 A matle hakaakang maoto a ba tsamayang hodima dithaba, bona ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa kgotso ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa topollo, ba reng ho Sione: “Modimo wa hao o a busa!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 52:7
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Senya, o ba senye kgalefong ya hao, hore ba se hlole ba eba teng! Ho tle ho tsejwe le dipheletsong tsa lefatshe hoba Modimo o busa Jakobo. (Sela.)


Morena o utlwahatsa lentswe la hae; basadi ba tsebisang hlolo ke lekgotla le leholo, ba re:


Jehova o a busa, o apere bokgabane; matla ke seaparo sa Jehova le senyepa sa hae; ka baka leo, lefatshe le tiile, le ke ke la sisinyeha.


Ereng hara ditjhaba: Jehova o a busa! lefatshe le tiya ke hona, ha le sisinyehe; o ahlola ditjhaba ka ho loka.


Jehova o a busa. Lefatshe a le ke le thabe; dihlekehleke tse ngata a di ke di nyakalle!


Jehova o bonahaditse poloko ya hae, o pepesitse ho loka ha hae mahlong a ditjhaba.


O hopotse mohau wa hae le botshepehi ba hae bakeng sa ntlo ya Iseraele; dipheletso tsohle tsa lefatshe di bone poloko ya Modimo wa rona.


Jehova o a busa, merabe e a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a thekesela.


Ke lentswe la moratuwa wa me! Bona, o a tla, o haola ka ho tlola le ka ho tlolaka hodima dithaba le maralla.


Mme kgwedi e tla rothofala, letsatsi le swabe, hobane Jehova o busa thabeng ya Sione le Jerusalema, mme o kganya pela baholo ba hae.


Hobane Jehova ke moahlodi wa rona, Jehova ke molaodi wa rona, Jehova ke morena wa rona, o tla re boloka.


Nyolohela thabeng e phahamileng, wena ya bolellang Sione taba tse molemo; o phahamise lentswe la hao ka matla, wena ya bolellang Jerusalema taba tse molemo; o le phahamise, o se ke wa tshaba, o bolelle metse ya Juda, o re: Modimo wa lona ke ona!


Ke nna wa pele ke itseng ho Sione: Bona, bona, ke tsena; ke neile Jerusalema lenqosa la taba tse molemo.


Naha e masabasaba le metse ya teng, le Bakedare ba ahileng ditenteng, ba phahamise lentswe, ba ahileng mafikeng ba bine, ditlatse di dume diqhoweng tsa dithaba.


se hlotsang ke tla se etsa masala, se lahletsweng hole ke se etse setjhaba se matla, mme ho tloha moo, Jehova o tla ba busa thabeng ya Sione, ka ho sa yeng kae.


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Wena Ninive, o futuhelwa ke ya tla o hasanya; lebela lerako, disa tsela, itiise letheka, o iphe matla a maholo!


Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


Ke moo Morena a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona, a re: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le amohele mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.


E ka kgona Evangeli e bolelwe ditjhaba tsohle pele.


A ba a re ho bona: Eyang ka lefatsheng lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangeli.


Lengeloi la re ho bona: Se tshabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kgolo, e monate, eo e tla ba ya setjhaba kaofela;


ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.


Maotong a lona, le rwale mafolofolo a Evangeli ya kgotso.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli ya kamehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ