Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 52:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka baka leo, setjhaba sa ka se tla tseba lebitso la ka, se tsebe ka tsatsi leo, hobane ke nna ya bolelang; ke nna enwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Kahoo tjhaba sa ka se tla tseba lebitso la ka, mohlang oo se tsebe hore ke nna ya buang. E, efela ke nna ya buang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 52:6
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Thoko ya hao, Modimo, le lebitso la hao, a di ke di tume ho isa dipheletsong tsa lefatshe! Seatla se setona sa hao se tletse ho loka.


Moshe a re ho Modimo: Bona, ke tla ya ho bana ba Iseraele, mme ke tla re ho bona: Modimo wa bontata lona o nthomile ho lona; etlare ha ba re ho nna: Lebitso la wona ke mang? ke tla reng ho bona?


Jehova a re: Ke tla fetisa molemo wohle wa ka pontsheng ya hao; ke bolele lebitso la Jehova pela hao; ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke rekolohele eo ke mo rekolohelang.


Ka na ka iponahatsa ho Abrahama, le ho Isaaka, le ho Jakobo, ke le Modimo o matla wohle, empa ke ne ke sa tsejwe ke bona ka lebitso la ka la Jehova.


Nyolohela thabeng e phahamileng, wena ya bolellang Sione taba tse molemo; o phahamise lentswe la hao ka matla, wena ya bolellang Jerusalema taba tse molemo; o le phahamise, o se ke wa tshaba, o bolelle metse ya Juda, o re: Modimo wa lona ke ona!


Bonang, taba tsa pele di hlahile; jwale ke le bolella tse ntjha, ke le tsebisa tsona, di eso ho hlahe.


Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.


O tla anya lebese la ditjhaba, o anye matswele a marena, mme o tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki le Molopolli wa hao, Ya matla wa Jakobo.


Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane wa hae, ha ho motho ya tla ruta wa habo ka ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hopola dibe tsa bona.


mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke le etsang tse jwalo, ka baka la lebitso la ka, e seng ka ho ya ka mekgwa e mebe ya lona, leha e le ka diketso tse bodileng tsa lona, ntlo ya Iseraele: ho bolela Morena Jehova.


Yaba Balaame o porofeta, a re: Tsoha, Balake, o mamele; sekeha tsebe, mora Tsippore! Modimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mora motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke wa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke wa se phetha na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ