Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 52:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Na ke tla etsang, ho bolela Jehova, ha setjhaba sa ka se tlositswe feela? Ba se etsetsang boima ba ithorisa ka sona, ho bolela Jehova; lebitso la ka le nyefolwa kamehla, ka tsatsi le leng le le leng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Morena o re: “Ebe jwale moo ke bonang? Tjhaba sa ka se thopilwe ntle ho lebaka, babusi ba sona ba a soma,” ho rialo Morena. “Bitso la ka le nyefolwa kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 52:5
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ka baka la hobane o nyefodisitse dira tsa Jehova ka taba eo, ngwana ya tswaletsweng wena o tla shwa ruri.


o rekisitse lefeela ka setjhaba sa hao, ha o a ka wa thethesa theko ya sona.


ha ke utlwa lentswe la mosomi le la motlaki, ha ke bona sera le mohlorisi.


Oho Modimo, sera se tla re soma ho isa kae? A sera se tla nyefola lebitso la hao kamehla na?


Hopola hoba sera se nyefotse Jehova, le hoba setjhaba se hlanyang se rohakile lebitso la hao.


Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.


O etsang mona? O na le mang mona, ha o ipetletse lebitla mona? O betlile lebitla phahameng, o itjheketse moaho lefikeng.


Empa ke tseba ho dula ha hao, le ho tswa ha hao, le ho kena ha hao, le kamoo o nthorelang kateng.


Esaia a re ho bona: Le bolelle monga lona, le re: Ho itswe ke Jehova: O se ke wa tshoha mantswe ao o a utlwileng, ao bahlanka ba morena wa Assiria ba nnyefotseng ka wona.


Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.


Bara ba hao ba shwele sethwathwa, ba botha dikoung tsohle tsa diterata jwaloka kgama e itshwasitseng moqetjheng; ba tletse kgalefo ya Jehova le dikgalemelo tsa Modimo wa hao.


Empa ke o beile letsohong la ba o hlorisitseng, ba neng ba re ho wena: O inamele fatshe, re tle re tsamaye hodima hao! Mme wa bea mokokotlo wa hao jwaloka eka ke mobu, le jwaloka eka ke tsela ya bafeti.


Hobane Jehova o itse: Le rekilwe ka lefeela, mme le tla lopollwa ho se tefo.


Iseraele ke nku e lehlahileng, e phallelwang ke ditau; ka la pele morena wa Assiria o kile a mo ja; ka lena la morao, Nebukadresare, morena wa Babilona, o mo robakile masapo.


Ba nkutlwa ha ke ntse ke fehelwa; ha ho ya ntshedisang; bao e leng dira ho nna kaofela ba utlwile tsietsi ya ka, ba thabetse seo o se entseng; o tla hlahisa tsatsi leo o le beileng, ba tle ba tshwane le nna.


O robile lenaka kaofela la Iseraele ka kgalefo e tjhesang ya hae, o honyeditse letsoho la hae le letona pela dira, mme o tukile hara Jakobo jwaloka kgabo ya mollo e timeletsang ka nqa tsohle.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke tle ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ba neng ba le ho tsona, tseo ke neng ke ipoletse ho bona pela tsona, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta.


Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ho tla utlwahala mohoo o tswang monyakong wa Dihlapi, le seboko se tswang Mishne, le tshenyeho e kgolo e maralleng.


Hobane lebitso la Modimo le nyefolwa ka baka la lona hara bahedene, jwalokaha ho ngodilwe.


Ba re ba se ba le haufi le ntlo ya Mika, ba tseba lentswe la mohlankana wa Molevi; ba fapohela ho yena, ba re ho yena: O tlisitswe kwano ke mang? O etsang mona, mme taba ya hao mona ke efe?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ