Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 50:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke neile ba nkotlang mokokotlo wa ka, le ba hlothang ditedu ke ba neile marama a ka, ha ke a ka ka patela sefahleho sa ka dihlong le mathe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ke ile ka hlobola hore bashapi ba ntjhape mokokotlong, marama ka a retelletsa ho ba ntlhothang ditedu; ba ntshomang ba ntshwela ka mathe ha ke a ka ka ba patela fahleho sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 50:6
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona!


Ba ahlamile melomo ya bona hampe hodima ka, ba ntshoma, ba ntjabela marameng; ba teane hammoho ho ntwantsha.


ba mphema, ba mpalehela, ha ba tshabe ho tshwela fahleho sa ka ka mathe.


Balemi ba lemile mokokotlo wa ka, ba isitse maselatsela a bona halelele.


Hobane ke ka baka la hao ke jereng ditshomo; sefahleho sa ka se kwahetswe ke dihlong.


Ke fetohile osele ho banabeso, ya sa tsejweng ho bara ba mme.


Athe o hlabetswe dibe tsa rona, a tetekwa ka baka la makgopo a rona; kotlo e re tlisetsang kgotso e mo wetse hodimo, mme re pholoswa ke maqeba a hae.


A etswa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo wa hae, jwaloka konyana e iswang hlabong, le jwaloka nku e semumu pela bakuti ba yona; ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.


a ke a hlahise lerama la hae ho ya mo jabelang, le ho kgora dikgobo.


Jwale bokella makgotla a hao, Sione, moradi wa makgotla! Re se re ya thibellwa ke dira; ka molamu ba wahlela moahlodi wa Iseraele lerameng!


Jehova a re ho Moshe: Hoja ntatae a mo tshwetse ka mathe sefahlehong, se ka beng se mo loketse na hase ho dula matsatsi a supileng tlasa dihlong na? A ke a kwallwe ka matsatsi a supileng kantle ho diahelo; kamora moo, o tla amohelwa teng.


Ebile ba mo tshwela ka mathe mahlong, ba mo jabela, ba bang ba mo otla ka dithupa,


Jwale, a ba lokollela Barabase; haele Jesu, eitse hobane a mo shape, a mo neela hore a thakgiswe.


Ba mo tshwela ka mathe, ba nka leqala, ba mmata hloohong.


Empa nna, ke re: Le se ke la hanela ya le etsang hampe; empa ekare ha motho a o jabela lerama le letona, o mo sekehele le lona le leng.


Yaba ba bang ba qala ho mo tshwela ka mathe, ba mo kwahela mahlo, ba mo jabela, ba re ho yena: Porofeta! Mme bahlanka ba mo otla ka dithupa.


Ba mmata hloho ka leqala, ba mo tshwela ka mathe, ba wa ka mangwele, ba mo kgumamela.


Eitse hobane a rialo, e mong wa bahlanka ya emeng moo a otla Jesu ka thupa, a re: Na o araba moprista e moholo jwalo na?


re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ