Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 49:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao, kgosatsana tsa tsona e be baanyesi ba hao. Di tla o obamela fahleho di tadimile fatshe, di be di nyeke lerole le maotong a hao. Ke moo o tla tseba hore Morena ke nna, hobane ba ntshepileng ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 49:23
45 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!


Eitse ha Josefa a etla ka tlung, ba mo tlisetsa tlung nyehelo eo ba nang le yona matsohong, mme ba inamela fatshe pela hae.


Jehova, marena wohle a lefatshe a tla o rorisa, ha a utlwa mantswe a tswileng molomong wa hao,


E mong le e mong ya itshepetseng wena, a ke ke a swaba; tshwabo ke ya ba iketsetsang bolotsana ka boomo.


Jehova o lopolla bophelo ba bahlanka ba hae; bohle ba mo tshepang ba ke ke ba tsuwa.


Mahosana a tla tla, a etswa Egepeta; Ethiopia o tla phakisa a otlollele matsoho a hae ho Modimo!


Morena, Jehova wa makgotla, ba o tshepang ba se ke ba hlajwa ke dihlong ka baka la ka; Modimo wa Iseraele, ba o batlang ba se ke ba swaba ka baka la ka.


Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta.


Hobane Jehova o tla hauhela Jakobo, o sa tla be a ikgethele Iseraele, a ba ahise lefatsheng la bona; baditjhaba ba tla kopana le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.


Ditjhaba di tla ba nka, di ba ise lefatsheng la bona; ntlo ya Iseraele e tla di rua naheng ya Jehova, e be bahlanka le makgabunyane a yona; ba tla etsa bafo ka bao ba neng ba entswe bafo ke bona, ba buse bao ba neng ba ba hlorisa.


Ka letsatsi leo, ho tla thwe: Bonang ke wona Modimo wa rona, oo re o tshepileng hoba o tla re boloka; ke yena Jehova eo re mo tshepileng; a re nyakalleng, re thabele topollo ya hae.


Jehova, re o lebeletse ke hona tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le kgopotso ya hao ke tseo meya ya rona e di lakatsang.


Ka baka leo, Jehova ya lopolotseng Abrahama o bolella ntlo ya Jakobo, o re: Jwale, Jakobo ha a sa tla ba le dihlong, sefahleho sa hae ha se sa tla hlola se swaba.


ba tle ba bone, ba tsebe, ba lemohe, ba elellwe kaofela hoba letsoho la Jehova le entse dintho tseo, le hoba Mohalaledi wa Iseraele ke yena moetsi wa tsona.


Ke lona dipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le yena mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, hore le tle le tsebisise, mme le ntumele, mme le ikutlwele hobane ke nna. Ha ho Modimo o bileng teng pele ho nna, mme o mong o ke ke wa eba teng kamorao ho nna.


Ho itswe ke Jehova: Ho tla tla ho wena maruo a Egepeta le tse hwebilweng tsa Ethiopia, le Basaba, banna ba ditopo di telele, mme e tla ba ba hao; ba tla o latela, ba tle ho wena ka mahlaahlela, ba kgumame pela hao, ba ithapelle ho wena, ba re: Efela Modimo o na le wena, o mong ha o yo; ha ho Modimo, haese wona.


Iseraele o lopolotswe ke Jehova ka topollo ya kamehla yohle! Le ke ke la hlabiswa dihlong, leha e le ho swaba mehleng yohle.


Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.


Empa Morena Jehova ke thuso ya ka; ka baka leo, ke mameletse dihlong; ka baka leo, sefahleho sa ka ke se entse jwaloka lehakwe, mme ke tsebile hore nke ke ka tsieleha.


ka mokgwa oo, o tla makatsa ditjhaba tse ngata; marena a tla hloka puo pela hae, hobane a tla bona seo a neng a eso ho se bolellwe, a utlwe seo a neng a eso ho se utlwe.


Ka baka leo, setjhaba sa ka se tla tseba lebitso la ka, se tsebe ka tsatsi leo, hobane ke nna ya bolelang; ke nna enwa.


Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.


O tla anya lebese la ditjhaba, o anye matswele a marena, mme o tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki le Molopolli wa hao, Ya matla wa Jakobo.


Ditjhaba di tla tla tsamaya leseding la hao, marena a tle kganyeng ya mahlasedi a hao.


Ke moo ditjhaba di tla bona ho loka ha hao, le marena kaofela a bone kganya ya hao, mme o tla bitswa ka lebitso le letjha le tlang ho bolelwa ke molomo wa Jehova.


Esale ho hlaheng, batho ha ba eso ho utlwe, ditsebe ha di eso ho mamele, le mahlo ha a eso ho bone Modimo, haese wena o etsang jwalo ho ba o tshepileng.


ke le apese ka mesifa, le ho medisa nama ho lona, le ho le apesa ka letlalo, le ho kenya moya ho lona, le tle le tsohe; mme le tla tseba hoba ke nna Jehova.


Le tla tseba hobane ke hara Iseraele, le hoba nna, Jehova, ke Modimo wa lona, mme ha ho e mong; setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se hlajwa ke dihlong le ka mohla o le mong.


Di tla nyeka lerole jwaloka noha, jwaloka dihahabi tsa lefatshe; di tla tswa diqhobosheaneng tsa tsona, di tshohile, di balehele ho wena, Jehova, Modimo wa rona, ka thothomelo, mme di tla o tshaba.


A hleka ke nna ke emotseng setjhaba sena sohle na? A ke nna ke se tswetseng, ha o tla re: Se jare ka sefubeng sa hao, jwaloka moanyesi ha a jara ngwana ya anyang, se be se fihle naheng eo o hlapanyeditseng bontata sona hoba o tla se nea yona na?


Ya nkileng ditalenta tse hlano a phakisa a ya, a hweba ka tsona, a rua ditalenta tse ding tse hlano.


Hobane Lengolo le re: Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a swaba.


mme tshepo ha e hlahisetse motho dihlong, hobane lerato la Modimo le tshetswe dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bonang, ke bea Sione lejwe le kgothometsang, le lefika le kgopang; hape ho thwe: Mang le mang ya dumelang ho yena, a ke ke a swaba.


Hobane ho itswe Lengolong: Bonang, ke bea Sione lejwe la ntlha, le kgethilweng, la bohlokwa; mme ya dumelang ho lona a ke ke a swaba.


Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ