Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 48:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ke o boleletse ditaba tsena kgale, ka o tsebisa tsona di eso ho hlahe, o tle o se ke wa re: Modimo wa ka wa setshwantsho ke wona moetsi wa tsona, setshwantsho sa ka se betlilweng, kapa se tsholotsweng, ke sona se di laetseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ka baka leo, ke o boleletse tsena e sa le kgale; di eso etsahale ka o bolella tsona, e le hore o tle o se ke wa re: ‘Modimo wa ka wa bohata o di entse, modimo wa ka wa lehong le modimo wa ka wa tshepe, ke yona medimo e ileng ya di laola.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 48:5
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang, ke a hlahisa ditaba tse ntjha, di se di ya hlaha; na le ke ke la di tseba na? Ke tla phunya tsela naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng.


Ke mang ya jwaloka nna ya boletseng tse esong ho hlahe, esale ke thea setjhaba hore e be sa kamehla? A bolele, a hlahise pela ka. Ba ke ba bolele tse tlang ho tla, tse tlang ho etsahala!


Le se ke la tshoha, le se tshabe! Na hase kgale ke o boleletse taba tseo, ka o tsebisa tsona na? Ke lona dipaki tsa ka! Na o teng Modimo, haese nna na? Ha ho lefika le leng; ha ke le tsebe.


Phuthehang, mme le tle; atamelang hammoho kaofela, lona masala a ditjhaba. Ha ba na ditaba batho ba jarang mahong a ditshwantsho tsa bona, ba rapelang modimo o sa tsebeng ho boloka.


Ke nna, haesale ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le kgale ke boletse tse esong ho hlahe. Ke re: Morero wa ka o tla tiya, ke tla phetha thato ya ka kaofela.


Ditaba tsa pele ke kgale ke di boletse, di tswile molomong wa ka, mme ke di boletse; ka etsa hang, mme tsa etsahala.


jwalokaha a ne a boletse ka molomo wa baporofeta ba halalelang ba hae, ba bileng teng mehleng ya pele,


Haesale le ho hlaheng, Modimo o nnile wa tseba mesebetsi yohle ya wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ