Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 48:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Tlohang Babilona, le balehe naheng ya Bakalde! Le bolele hoo ka lentswe la nyakallo, le ho tumise, le ho tsebise ho isa pheletsong ya lefatshe, le re: Jehova o lopolotse mohlanka wa hae Jakobo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Tswang Babilona, le balehe Bakalatiya! Phatlalatsang tsena ka mehoo ya thabo, le di phatlalatse ho ya pheletsong tsa lefatshe, le re: “Morena o lopolotse Jakobo, mohlanka wa hae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 48:20
39 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang setjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho se lopolla, hore e be setjhaba sa wona sa sebele, le ho se etsetsa lebitso ka ho etsetsa sona le lefatshe la sona tse kgolo, tse tshabehang, ha o lelekile ditjhaba le medimo ya tsona pela setjhaba sa hao, seo o itopolletseng sona Egepeta!


Ke bana batho ba naha ba kgutlileng kgolehong, ba neng ba isitswe kgolehong Babilona ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba boetseng ba kgutletse Jerusalema le Juda, e mong le e mong motseng wa habo,


Enere Jehova ha a kgutlisa batshwaruwa ba Sione, ho rona ho bile jwaloka toro.


Ka letsatsi leo o tla re: Jehova, ke a o rorisa, hobane o ne o nkgalefetse, empa bohale ba hao bo kgutlile, mme o ntshidisitse.


ka letsatsi leo le tla re: Rorisang Jehova, rapelang lebitso la hae, le tsebise ditjhaba diketso tsa hae; tumisang, le re: Lebitso la hae ke le phahamileng.


Ba tla phahamisa mantswe a bona, ba ntshe mehoweletso ya thabo, ba nyakalle ho tloha pela lewatle, ka baka la bokgabane ba Jehova.


Ka letsatsi leo, ho tla binwa sefela sena naheng ya Juda: Re na le motse o matla, Modimo o re nea thuso, e be lerako le tshirelo ho rona.


Binelang Jehova sefela se setjha, le tumise dithoko tsa hae dipheletsong tsa lefatshe, lona ba tsamayang hodima lewatle, le lona dibopuwa tsohle tse ho lona, lona dihlekehleke le ba ahileng ho tsona.


Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!


Ke hlakotse ditlolo tsa hao jwaloka mohodi, le dibe tsa hao jwaloka leru; sokolohela ho nna, hobane ke o lopolotse.


O di utlwile; o di bone kaofela hle; na le ke ke la dumela hoba ho jwalo na? Jwale, ke o tsebisa ditaba tse ntjha, tse neng di patilwe, tseo o neng o sa di tsebe.


Nyakallang, lona mahodimo, le wena lefatshe, o thabe, le lona dithaba, dumang ka ditlatse, hobane Jehova o tshedisitse setjhaba sa hae, o hauhetse mafutsana a hae.


O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.


Ya kokobeditsweng ditlamong o tla phakisa a lokollwe; a ke ke a shwela sekoting, a ke ke a hloka bohobe ba hae.


Jehova o bonahaditse letsoho la hae le halalelang mahlong a ditjhaba kaofela, mme dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla boha poloko ya Modimo wa rona.


Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!


Dumisang ditlatse hammoho le nyakallo, lona masupi a Jerusalema, hobane Jehova o hauhetse setjhaba sa hae, o lopolotse Jerusalema.


Bonang, Jehova o tsebisa dipheletso tsa lefatshe taba ya ho re: Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Mmoloki wa hao o a fihla; bona, o na le moputso wa hae, pheelo ya hae e mo eteletse pele.


Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.


Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.


Hobane Jehova o lopolotse Jakobo, o mo namoletse matsohong a ya mo fetang ka matla.


O ikemisetse sefika, o itlhomelle disupatsela; lebisa pelo ya hao tseleng, tseleng eo o tsamaileng ka yona; boya, morwetsana wa Iseraele, boela metseng yona eo ya hao.


Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.


Lentswe la ba balehang le la ba phonyohang lefatsheng la Babilona le utlwahala Sione, ho tsebisa ba teng tefetso ya Jehova, Modimo wa rona, ya ho itefelletsa tempele ya hae.


Balehang Babilona le lefatsheng la Bakalde, le tswele pele, jwaloka diphooko tse etellang mohlape pele.


Tswang teng, lona setjhaba sa ka, ho namolele e mong le e mong bophelo ba hae kgalefong e tjhesang ya Jehova.


Mahodimo, le lefatshe, le tsohle tse ho tsona, di tla tshela ditlatse tsa thabo ka Babilona; hobane basenyi ba tla mo tlela ba etswa nqa leboya, ho bolela Jehova.


Balehang Babilona, ho pholose e mong le e mong bophelo ba hae, esere le ka timela ka bokgopo ba hae, hobane nako ya tefetso ya Jehova ke yona eo, o ya busetsa moputso ho yena.


Ke tla ba letsetsa molodi, ke ba bokelle, hobane ke ba lopolotse, mme ba tla ata jwalokaha ba ne ba atile pele.


Duduetsa ka thabo, o nyakalle, wena moradi wa Sione, hobane ke se ke ya tla, ke dule kahare ho wena, ho bolela Jehova.


Esita le hoja ba bang ba hao ba qhalantsweng ba ka ba pheletsong ya lehodimo, Jehova, Modimo wa hao, o tla o phutha teng, a o late hona teng.


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


Yaba ke utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: Tlohang ho yena, lona setjhaba sa ka, le se tshohe le kenella dibe tsa hae, mme la welwa ke dikotsi tsa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ