Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 46:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hopolang taba tseo, le etse ka senna; lona baikgantshi, ikelellweng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 “Hopolang taba ena, e tsitse kelellong tsa lona, le nne le e hopole, lona bakwenehi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 46:8
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamoo di leng kateng, ba di etsang ba tla ba jwalo, le bohle ba beang tshepo ya bona ho tsona.


Ba e etsang ba tla tshwana le yona, hammoho le bohle ba itshepelang yona.


O ne o re: E se e le nna mofumahadi ka ho sa yeng kae! Mme wa ya o se na kelello tabeng tsena, o sa hopole bofello ba tsona.


Ha o a ka wa di utlwa le hanyenyane, ha o a ka wa di tseba, mme ditsebe tsa hao ha di a ka tsa bulelwa tsona pele, hobane ke tsebile hoba o lehata, le hoba o bitsitswe moikgantshi esale o etswa popelong ya mmao.


Ho thwe ke Jehova: Lengolo la mma lona la hlalo le kae leo ke mo kgutlisitseng ka lona? Kapa ke rekile ka lona ho mang wa bao ke namileng ho bona na? Bonang, ho rekilwe ka lona ka baka la dibe tsa lona, mma lona o hladilwe ka baka la ditlolo tsa lona.


Bohle hammoho ke mawatla le dithoto; thuto ya bona ke bohata, ke sefate!


Ekare ha a itisa, a kgeloha ditlolo tsohle tseo a neng a di etsa, o fela a tla phela; ha a ka ke a shwa.


Mme jwale, ho bolela Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona: Le jetse haholo, empa le thothile hanyenyane;


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona.


Yaba moo a ikgopolang, a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hlolwang ke bohobe; mme nna mona ke bolawa ke tlala!


Banabeso, le se ke la ba bana hlalefong, le mpe le be bana lonyeng; mme haele hlalefong, le be banna.


Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.


Hojane ba le bohlale ba ka be ba lemohile taba tsena, le ho ela ho fela ha bona hloko!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ