Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 46:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 E sa le nna enwa ho isa boqhekung ba lona, mme ke tla nne ke le pepe ho isa le botsofading bo bosweu; ke entse jwalo, mme ke sa tla le pepa, ke le tiise, ke le boloke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ho fihlela boqhekung ba lona ha ke eso fetohe, ke tla nne ke le pepe ho fihlela le eba bo-raputswe. Ke nna ya le bopileng, mme ke tla nne ke le sike, ke tla nne ke le pepe, ke le namolele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 46:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Modimo oo ke Modimo wa rona kamehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung.


Morena a ke a roriswe ka matsatsi wohle; o jara boima ba rona ka matsatsi wohle. (Sela.)


Modimo, o se ke wa ntlohela ho fihlela botsofading bo boputswa; ke tle ke bolele diketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tswalwa.


O se ke wa ntahla mehleng ya botsofadi ba ka; ha matla a ka a fela, o se ke wa ntlohela.


Ke mang ya entseng hoo, a ba a ho phetha? Ke ya bitsitseng mefuta ya batho esale ho hlaheng, nna Jehova, ke leng wa pele, mme e tla nne e be nna le mehleng ya qetello.


Le ho tloha tsatsing lena, e sa ntsane e le nna, ha ho motho ya ka ntshang ho hong letsohong la ka; seo ke se etsang, se ka thibelwa ke mang?


Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.


Mmamele, Jakobo, le wena Iseraele eo ke o bitsitseng! Ke nna ke leng wa pele, le wa morao esale nna.


Hobane ke hloile hlalo, ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele; ya hlalang o apesa kobo ya hae ka bokgopo, ho bolela Jehova wa makgotla. Iponeleng hle meyeng ya lona, le se ke la etsa ka bolotsana.


Hobane, nna Jehova, ha ke a fetoha, ke moo lona, bara ba Jakobo, le sa kang la timela.


Hobane dineo tsa Modimo le pitso ya wona ha di na ho kwenehelwa ke wona.


le lefeelleng leo o le boneng, e leng moo Jehova, Modimo wa hao, a o pepileng, jwaloka monna ha a pepile mora wa hae, tseleng yohle eo le tsamaileng ka yona ho tlisa ho fihleng ha lona bakeng sena.


o tla a mena jwaloka kobo, mme a tla fetoha; empa haele wena, e sa le e le wena, mme mengwaha ya hao e ke ke ya eba le bofelo.


Jesu Kreste e ne e le yena maobane, e sa le yena le kajeno, mme e tla nne e be yena ka ho sa feleng.


Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ