Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 45:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ho tla thwe: Ruri, ho loka le matla di tswa ho Jehova a nnotshi; bohle ba mo halefetseng ba tla tla ho yena, ba tle ba hlabiswe dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 “Batho bohle ba tla bua ka nna, ba re: ‘Ho loka le matla di ho Morena a inotshi.’ Bohle ba ileng ba mo halefela, ba tla tla ho yena, ba hlabiswe dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 45:24
40 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Jehova o ya otlolla Sione molamu wa matla a hao: hloma mmuso wa hao hara dira tsa hao.


Ke tla tla, ke ntse ke bina diketso tsa hao tse phahameng; Morena Jehova, ke tla roka ho loka ha hao feela.


Baahi ba lefeella ba tla kgumama pela hae, bao e leng dira ho yena ba nyeke lerole;


Hobane o kganya ya sona le matla a sona, mme lenaka la rona le phahamiswa ke ho rata ha hao.


Le tshepe Jehova kamehla yohle, hobane Jehova, Jehova, ke lefika la kamehla yohle.


Bona, ba tla swaba, ba hlabiswe dihlong, bao e leng dira ho wena; ba o lwantshang ba tla ba jwaloka eka ba siyo, ba fele.


Le se ke la tshoha, le se tshabe! Na hase kgale ke o boleletse taba tseo, ka o tsebisa tsona na? Ke lona dipaki tsa ka! Na o teng Modimo, haese nna na? Ha ho lefika le leng; ha ke le tsebe.


Moloko wa Iseraele kaofela o tla bewa o lokileng ke Jehova, o ithorise ho yena.


Lerumo le leng le le leng le teetsweng ho o lwantsha, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho o tsohela matla ho o tsekisa, o tla le tswa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tswang ho nna, ho bolela Jehova.


Bona, o tla ipiletsa setjhaba seo o sa se tsebeng, mme ditjhaba tse sa o tsebeng di tla mathela ho wena, ka baka la Jehova, Modimo wa hao, le ka baka la Mohalaledi wa Iseraele, ya o tlotlisang.


Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


Etswe dihlekehleke di lebeletse nna, mme dikepe tsa Tarshishe di le sehloohong ho tlisa bana ba hao ba neng ba le hole, le kgauta, le silefera tsa bona, ho tlotlisa lebitso la Jehova, Modimo wa hao, le la Mohalaledi wa Iseraele, hobane o o apesitse ka kganya.


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


Hobane jwalokaha lefatshe le medisa dimela tsa lona, le jwaloka tshimo ha e medisa tse jadilweng ho yona, ho jwalo Morena Jehova o tla medisa ho loka le dithoko pontsheng ya ditjhaba kaofela.


Matsatsing ao Juda o tla pholoha, le Jerusalema a ikahele ka boiketlo, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.


Jehova Morena ke matla a ka; o tla fetola maoto a ka, a be jwaloka a dikgama; o tla ntsamaisa hodima nqalo tsa ka tse phahameng. Ho mophokodi. Ka diletsa tsa ka tse tidinngwang.


Ba setjhaba sa ka ke tla ba natlafaletsa ho Jehova, mme ba tla tsamaya ka lebitso la hae, ho bolela Jehova.


Ke tla natlafatsa ntlo ya Juda, ke sitse le ntlo ya Josefa ka poloko; ke tla ba ahisa, hobane ke ba hauhetse; ba tla ba jwaloka hoja ke sa ka ka ba lahla, hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona, mme ke tla ba utlwa.


Dihlooho tsa Juda di tla re pelong tsa tsona: Bao e leng matla a rona ke baahi ba Jerusalema, ka Jehova wa makgotla, Modimo wa bona.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Tshiung tseo, banna ba leshome ba dipuo tsohle tsa ditjhaba ba tla itshwarella ka moseho wa kobo ya monna wa Mojuda, ba re: Re tla ya le lona, hobane re utlwile hoba Jehova o na le lona.


A re a sa bolela taba tseo, bahanyetsi ba ha e ba swaba bohle; mme bongata bohle ba thabela mesebetsi yohle ya bokgabane e etswang ke yena.


Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.


Mme nna, etlare hobane ke nyollwe lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna.


Ka letsatsi la ho qetella mokete, e leng le leholo, Jesu a ema, a howa, a re: Ekare ha e mong a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


Ke a rapela hore a le nee, ka monono wa kganya ya hae, hore le tiiswe ka matla mothong wa kahare ke Moya wa hae,


Qetellong, banabeso, tiyang Moreneng le matleng a hae a sa sitweng ke letho.


le ntse le tiile ka nqa tsohle ka matla a wona a kganyang, ho ba le mamello nthong tsohle le sebete se selelele ka thabo;


Ke le Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla lona ba abetsweng tumelo e le nngwe le ya rona ka bohlokwa, ka ho loka ha Modimo le Mmoloki wa rona, Jesu Kreste, ke re:


Ditjhaba di ne di halefile, mme bohale ba hao bo hlahile, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho ntsha moputso wa bahlanka ba hao ba baporofeta le wa bahalaledi le wa ba tshabang lebitso la hao, ba banyenyane le ba baholo, le ya ho senya ba senyang lefatshe.


Moya le monyaduwa ba re: Tloo! Le ya utlwang a ke a re: Tloo! Le ya nyorilweng ha a tle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ