Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 44:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke mang ya jwaloka nna ya boletseng tse esong ho hlahe, esale ke thea setjhaba hore e be sa kamehla? A bolele, a hlahise pela ka. Ba ke ba bolele tse tlang ho tla, tse tlang ho etsahala!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ya tshwanang le nna ke mang? Ha a ke a phatlalatse! A ke a bolele kapele ho nna se etsahetseng haesale ke thea tjhaba sa ka kgalekgale, a bolele le tse tlang ho etsahala. E, a ke a senole tse tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 44:7
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba kae jwale ba bohlale ba hao? Ba fele ba o bolelle, ho tle ho tsejwe seo Jehova wa makgotla a se rerileng hodima Egepeta.


Ba ke ba di tlise, ba re bolelle ditaba tse tlang ho tla! Le boletse ditaba dife tsa kgale? Re bolelleng, re tle re nahane, re tsebe moo di fellang teng; kapa le re tsebise tse tla hlaha.


Re tsebiseng tse tlang ho tla, re tle re lemohe hobane le medimo; etsang ntho e ntle, kapa e mpe, re tle re makale hammoho, mme re bone.


Ke mang ya boletseng taba eo esale ho hlaheng, re tle re tsebe? Kapa ya e boletseng mehleng ya pele ke mang, re tle re re: Ke nnete? Empa ha ho ya e boletseng, ha ho ya e senotseng, ha ho ya utlwileng dipolelo tsa lona.


Ke mang ya entseng hoo, a ba a ho phetha? Ke ya bitsitseng mefuta ya batho esale ho hlaheng, nna Jehova, ke leng wa pele, mme e tla nne e be nna le mehleng ya qetello.


Ke nna ya boletseng pele, ka ntoo pholosa, ka ba tsebisa taba tseo; hara lona ho ne ho se Modimo o mong; ka baka leo, le dipaki tsa ka, ho bolela Jehova, ke nna Modimo.


Ditjhaba kaofela di ke di bokellwe hammoho, batho kaofela ba phuthehe! Ke mang hara bona ya ka bolelang ditaba tsa pele? A ba ke ba hlahise dipaki tsa bona, ba tle ba emelwe; batho a ba ke ba utlwe, mme ba re: Ke teng!


Bolelang tsa lona, le di tlise. Ba ke ba botsane hammoho! Na ke mang ya boletseng ditaba tseo esale mehleng ya kgale, ya di porofetileng kgale? Na hase nna Jehova? Ha ho Modimo, haese nna, Modimo o lokileng, o bolokang; ha ho o mong; ke nna feela.


O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;


Yanayare mohla E moholoholo a abelang ditjhaba lefa la tsona, mohla a arohanyang bana ba batho, a bea meedi ya ditjhaba ka palo ya bana ba Iseraele;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ