O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.
Leloko la hao le ka ba lengata jwaloka lehlabathe la lona; bana ba hao ba tswang maleng a hao ba ka ba bangata jwaloka majwana a lona; lebitso la hao le be le ke ke la tloswa, la fediswa pela ka!
Jehova o tla o tsamaisa kamehla; o tla kgodisa moya wa hao mohla manyora, a nontshe masapo a hao; o tla ba jwaloka serapa se nosetswang, le jwaloka sediba seo metsi a sona a sa psheng.
Hobane jwalokaha lefatshe le medisa dimela tsa lona, le jwaloka tshimo ha e medisa tse jadilweng ho yona, ho jwalo Morena Jehova o tla medisa ho loka le dithoko pontsheng ya ditjhaba kaofela.
Ka letsatsi la pele, le tla inkela ditholwana tsa difate tse ntle, le makala a dipalema, le mahlaku a matenya a difate le a meduwane ya noka, mme le tla ithabela pela Jehova, Modimo wa lona, ka matsatsi a supileng.