Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 44:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 ke fosisang dipontsho tsa baporofeta ba leshano, ke thotofatsang dinohe, ke suthisang ba bohlale kasanthao, ke fetolang bohlale ba bona bohlanya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Ke nna ya nyopisang dipontsho tsa baporofeta ba bohata, ya fetolang dinohe e be dithoto, ya nyopisang tsebo ya bahlalefi, a e fetole lefeelafeelane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 44:25
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Davida a tsebiswa, ha thwe: Akitofele ke e mong wa ba emelanang le Absalome. Davida a re: Oho, Jehova, o etse keletso ya Akitofele lefeela.


Mehleng eo, keletso eo Akitofele a neng a eletsa ka yona, e be e kgodisa jwaloka eka ho botsitswe molomo wa Modimo. Keletso tsohle tsa Akitofele di ne di le kalo ho Davida le ho Absalome.


Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Morena a shwa jwalo; a iswa Samaria, mme morena a patwa Samaria.


Baporofeta bohle ba ne ba porofeta jwalo, ba re: Nyolohela Ramothe-Gileade; o tla atleha, Jehova o tla o neela matsohong a morena.


Ntwa ya befa tsatsing leo, mme morena wa Iseraele a ema koloing ya hae, mabapa le Basiria, ya ba ya eba mantsiboya; a shwa nakong ya ho dikela ha letsatsi.


Jehova o etsa merero ya batho ntho feela; o tshwephola mehopolo ya ditjhaba.


Dingaka tsa sitwa ho ema pela Moshe ka baka la dithopane; hobane dingaka le Baegepeta bohle ba ne ba tswile dithopane.


Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.


bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.


Bakeng sa Edomo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Na ha ho sa le bohlale Themane? Na kelello e timetse ho baeletsi? Na bohlale ba bona bo fedile na?


Lerumo le hodima ba buang mashano, hore ba be jwaloka mawatla; lerumo le hodima bahale, hore ba tle ba swabe.


Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Tabeng tsohle tsa tsebo le tsa kelello tseo morena a ba botsitseng tsona, a fihlela hobane ba fetisa babohlale bohle le dinohe tse leng teng mmusong wa hae wohle haleshome.


Yaba ho tliswa babohlale, le dinohe, le Bakalde, le balepi ba dinaledi; ka ba bolella toro, empa ba sitwa ho nkwahollela yona.


Ho se ho tla ditshiu tsa hlahlobo, ho se ho tla ditshiu tsa phetetso! Iseraele o tla tseba! Moporofeta o fetohile lewatla, motho wa moya o hlanya ka baka la boholo ba bokgopo ba hao le ka baka la bora ba hao bo boholo.


Diboni di tla swaba, dinohe di hlajwe ke dihlong; di tla pata ditedu tsa tsona kaofela ha tsona, hobane ha ho karabo e tswang ho Modimo.


Hobane diterafime di boletse lefeela, dinohe di bone dipono tsa bohata, ke toro tsa thetso tseo ba di bolelang; ba tshedisa ka tsa lefeela. Ka baka leo, setjhaba se tlohile jwaloka mohlape, ba hloreha ke ho hloka modisa.


Jakobo a ke ke a louwa, le Iseraele a ke ke a nohelwa. Jwale ho tla bolellwa Jakobo le Iseraele mosebetsi o sebeditsweng ke Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ