Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 44:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Binang ka nyakallo, lona mahodimo, hobane tsena Morena o di entse; howeletsang lona dikgohlo tsa lefatshe, lona dithaba binang haholo, le lona meru le fate tsohle tse ho lona, hobane Morena o lopolotse Jakobo, o bonahaditse tlotla ya hae, a e bonahatsa ka Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 44:23
40 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahodimo a ke a thabe, mme lefatshe le hlasimolohe; a ho ke ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Jehova o a busa.


Lewatle a le ke le dume le tsohle tse ho lona; dithota di ke di hlasimolohe le tse ho tsona kaofela!


Difate tsa meru di etse ditlatse tsa thabo pela Jehova, hobane o ya tla, a tle a ahlole lefatshe.


Rorisang Jehova lefatsheng, lona didrakone, le lona madiba kaofela;


dithaba le dithabana kaofela, difate tse behang, le lona dikedare kaofela,


Makgulo a tlala mehlape, diphula di apeswa ke mabele, mme ho utlwahala mehoo ya thabo le dipina.


Mahodimo a a ke a mo rorise, le lefatshe, le mawatle, le tse utlwang ho tsona kaofela!


Hobane Modimo o tla boloka Sione, o tsose metse ya Juda; ba tla aha ho yona, e boele e be leruo la bona;


Matla a dutse letsohong la hao, seatla sa hao se tiile, letsoho le letona la hao le phahamile.


Jethro a itumela ka baka la molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Iseraele, ha a ba namoletse letsohong la Baegepeta.


Binelang Jehova, hobane o entse taba tse kgolo; di ke di tsejwe lefatsheng lohle.


O atisitse setjhaba, Jehova, o atisitse setjhaba, o itlotlisitse, o suthisitse meedi yohle ya naha.


Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!


e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, hobane ke ba etseditse kganya ya ka; ke nna ke ba entseng, ke ba bopileng.


Ke atameditse ho loka ha ka: Ha ho hole; le poloko ya ka; e ke ke ya dieha. Ke tla bea poloko ya ka Sione, le kganya ya ka hodima Iseraele.


Nyakallang, lona mahodimo, le wena lefatshe, o thabe, le lona dithaba, dumang ka ditlatse, hobane Jehova o tshedisitse setjhaba sa hae, o hauhetse mafutsana a hae.


A re ho nna: O mohlanka wa ka, ke wena Iseraele eo ke tlang ho itlotlisa ka wena.


Dumisang ditlatse hammoho le nyakallo, lona masupi a Jerusalema, hobane Jehova o hauhetse setjhaba sa hae, o lopolotse Jerusalema.


Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.


Hobane Jehova o lopolotse Jakobo, o mo namoletse matsohong a ya mo fetang ka matla.


Mahodimo, le lefatshe, le tsohle tse ho tsona, di tla tshela ditlatse tsa thabo ka Babilona; hobane basenyi ba tla mo tlela ba etswa nqa leboya, ho bolela Jehova.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Mohla lefatshe lohle le thabang, ke tla o tlisetsa tshenyeho.


Oho mora motho, o porofetele dithaba tsa Iseraele, o re: Thaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Jehova!


Haele lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela mahlomela a lona, le beele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana tsa lona, hobane se se se le lekgatheng la ho fihla.


setjhaba sohle sa lefatshe se tla epela, mme hoo e tla ba botumo ho bona tsatsing leo ke tla itlotlisa ka lona: ho bolela Morena Jehova.


ho yena ho iswe kganya kerekeng, ka baka la Jesu Kreste, kamehla yohle, ka ho sa feleng! Amen!


Mme ho nyoloha hoo ke ho reng, haese ho re, o ne a theohetse pele dibakeng tse ka tlasetlase tsa lefatshe?


E mong ha a bua, a ye ka dipolelo tsa Modimo; e mong ha a sebeletsa ba bang, a etse ka matla a hlahiswang ke Modimo, hore Modimo o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo kganya le borena e leng tsa hae, ka ho sa feleng! Amen.


Thabang ke hona, mahodimo, le lona ba ahileng teng. Ho madimabe lona ba ahileng lefatsheng le lewatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ