Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 44:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ebe ka koto se seng se setseng o etsa modimo, setshwantsho sa hae, o inama pela sona, o a se kgumamela; o a se rapela, o re: Mpoloke, hobane o modimo wa ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ka e setseng o betla modimo wa bohata, modingwana wa hae a o obamele, a o kgumamele, a o rapele, a re ho wona: “Ako mpholose, o modimo wa ka!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 44:17
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.


Ba howeletsaka, mme ka mokgwa wa bona, ba itlhabaka ka dithipa le ka marumo, madi a ba a keleketla ho bona.


Lefatshe la bona le tletse ditshwantsho, ba kgumama pela mesebetsi ya matsoho a bona, e sebeditsweng ka menwana ya bona.


Mme yare ha a se a kgumamile tempeleng ya Nisroke, modimo wa hae, Adrammeleke le Sharetsere, bara ba hae, ba mmolaya ka lerumo, ba ntoo balehela naheng ya Ararate. Yaba Esare-Haddone, mora wa hae, e ba morena tulong tsa hae.


Mme motho a be le seo a ka se besang, a fele a rwalle sefate ho ikomosa ka sona, a be a bese mollo, a apehe bohobe ka sona; a iketsetse le modimo ka sona, a ntoo o kgumamela; a betle setshwantsho, a se rapele.


O besa sekoto se seng sa sona; ka sekoto seo o apeha dinama tsa hae, a bese nama ya hae, a kgore; a ikomose, a re: Eh, eh, ke ikomositse, mme ke bone mollo!


Phuthehang, mme le tle; atamelang hammoho kaofela, lona masala a ditjhaba. Ha ba na ditaba batho ba jarang mahong a ditshwantsho tsa bona, ba rapelang modimo o sa tsebeng ho boloka.


Ba ntsha kgauta mekotleng ya bona, ba lekanya silefera ka sekala, ba ipatlela setei, ba se putsa hore ka tseo se ba etsetse modimo, ba tle ba kgumame pela wona, ba o rapele.


e leng ba reng ho sefate: O ntate; le ho lejwe: Ke tswetswe ke wena. Hobane ba nneile seholoholo, e seng sefahleho; empa tsatsing la tsietsi ya bona, ba re: Ema, o re pholose.


Bona, Modimo wa rona, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, mme o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena.


Molao o beilwe ke nna ke hona ho batho bohle, le ho ditjhaba tsohle, le ho ba dipuo tsohle, hore motho ya ka nyefolang Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego a pongwe dikoto, mme ntlo ya hae e etswe qubu ya moitedi, hobane ha ho modimo o mong o ka lokollang ka mokgwa o jwalo.


Yaba Daniele, ka taelo ya morena, o a tliswa, a akgelwa lemeneng la ditau. Morena a bua, a re ho Daniele: Modimo wa hao, oo o o sebeletsang ka tiisetso, o ke o o namolele!


O a namolela, o a pholosa, o hlahisa dipontsho le mehlolo lehodimong le lefatsheng, o bile o namoletse Daniele marong a ditau.


Le jwale, ba sa tiisetsa ho seha; ka silefera ya bona ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng ditshwantsho tsa medimo kamoo ba ikgopoletseng kateng, e le bona; kaofela ha tsona ke mesebetsi ya ditei. Ha ba bolelwa, ho thwe: Ke ba hlabang batho, ke ba akang manamane!


ke tla tlosa boloi letshong la hao, mme dinohe ha di sa tla ba teng ha hao.


Ho madimabe ya reng ho lehong: Tsoha! le ho lejwe le semumu: Ema! Na ho tla ruta lona? Bonang, le manehilwe ka kgauta le ka silefera, ha ho moya ho lona.


Kotsi ya taba eo, hase feela hore mosebetsi wa rona o tla nyediseha; empa le yona tempele ya mofumahadi Diana, modimo o moholo, e tla etswa lefeela; mme yena ka sebele ya hlomphuwang ke Asia kaofela le lefatshe lohle o tla timellwa ke kganya ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ