Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 44:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mme motho a be le seo a ka se besang, a fele a rwalle sefate ho ikomosa ka sona, a be a bese mollo, a apehe bohobe ka sona; a iketsetse le modimo ka sona, a ntoo o kgumamela; a betle setshwantsho, a se rapele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 ke patsi eo motho a besang mollo ka yona; e nngwe ya yona o ikomosa ka yona, a bese mollo ho pheha bohobe. O betla le modingwana ka yona, a o kgumamele, a etse modimo wa bohata, a o obamele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 44:15
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane Amatsia a kgutle ho bolaya Baedomo, a tlisa medimo ya bara ba Seire, mme a ikemisetsa yona, a e etsa medimo ya hae, a kgumama pela yona, mme a e tjhesetsa dibano.


Lefatshe la bona le tletse ditshwantsho, ba kgumama pela mesebetsi ya matsoho a bona, e sebeditsweng ka menwana ya bona.


Ke mang ya ka teang modimo, leha e le ho tsholla setshwantsho, a sa rue letho ka sona?


E mong a ithemele dikedare, a nke le kiprese le eike, tseo a di kgethang hara difate tsa moru; a jale pine, mme e mediswe ke pula.


O besa sekoto se seng sa sona; ka sekoto seo o apeha dinama tsa hae, a bese nama ya hae, a kgore; a ikomose, a re: Eh, eh, ke ikomositse, mme ke bone mollo!


Ebe ka koto se seng se setseng o etsa modimo, setshwantsho sa hae, o inama pela sona, o a se kgumamela; o a se rapela, o re: Mpoloke, hobane o modimo wa ka!


Phuthehang, mme le tle; atamelang hammoho kaofela, lona masala a ditjhaba. Ha ba na ditaba batho ba jarang mahong a ditshwantsho tsa bona, ba rapelang modimo o sa tsebeng ho boloka.


Ba ntsha kgauta mekotleng ya bona, ba lekanya silefera ka sekala, ba ipatlela setei, ba se putsa hore ka tseo se ba etsetse modimo, ba tle ba kgumame pela wona, ba o rapele.


Mme batho ba setseng, ba sa kang ba bolawa ke dikotsi tseo, ha ba ka ba baka mesebetsing ya matsoho a bona, mme ha ba ka ba lesa ho rapela batemona, le medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya majwe, le ya mahong, e sa tsebeng ho bona, le ho utlwa, le ho tsamaya.


Enere moahlodi eo ha a timetse, ba ne ba boela ba itshenya le ho feta bontata bona, ka ho latela medimo esele hore ba e sebeletse le ho inama pela yona, ba sa lahle letho la mesebetsi ya bona le la metsamao ya bona e thata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ