18 Le se ke la hopola taba tsa kgale, le se ke la nahana tse etsahetseng boholoholo.
18 “Lebalang tsa kgalekgale, tse fetileng le se ke la di nahana.
Hopolang mehlolo eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,
Hopolang diketso tsa pele tse etsahetseng kgale, hobane ke nna Modimo o matla, mme ha ho o mong; ke nna Modimo, mme ha ho ya jwaloka nna.
Hobane bonang, ke ya bopa mahodimo a matjha le lefatshe le letjha; tse fetileng ha di sa tla hlola di hopolwa, di ke ke tsa kgutlela mehopolong.
Efela se neng se na le kganya pele, ha se sa na kganya, ha se bapiswa le kganya ena e fetisang haholo.
Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.
o se ke wa di tshaba, o mpe o hopole tseo Jehova, Modimo wa hao, a di entseng ho Faro le ho Baegepeta kaofela.
Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.