Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 42:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Esale ke kgutsitse, ke ituletse, ke itshwere; jwale, ke howa jwaloka mosadi ya belehang, ke a fehelwa, ke a sisimoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 “Ke kgale ke kgutsitse, ke thotse, ke itshwere, empa jwaloka mosadi ya bohlokong ba pelehi ke tla howeletsa ke bipetsane, ke fehelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 42:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane ke kgotse ditaba, mme moya o teng ho nna o ntshututsang.


Ke rata ho bua, ke ntoo tseba ho ntsha letshwea hantle; ke tla ahlamisa melomo ya ka, ke arabe.


Sione, botleng bo phethehileng, Modimo o bonahatsa kganya ya wona;


Ke tseo o di entseng, mme kahobane ke ikgutseditse, o hopotse hoba nna ke ya jwaloka wena; ke tla o kgalemela, ke hlanole tsohle mahlong a hao.


Ka baka leo, Jehova o tla lebella ho le hauhela; ka baka leo, o tla ema ho le rekolohela, hobane Jehova ke Modimo o lokileng. Ho lehlohonolo ba mo tshepang kaofela!


Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?


Oho Jehova, ha o bona diketso tseo, na o ka itshwara, o ka kgutsa na, wa re tlohela mahlomoleng a fetisisang na?


Bonang, dibe tsa bona di ngodilwe pela ka; nke ke ka kgutsa, ke eso ho di busetse le ho di buseletsa difubeng tsa bona;


O ntlohetse, ho bolela Jehova, o kgutlile kasanthao; ka baka leo, ke otlolotse letsoho la ka hodima hao, ke tle ke o fedise; ke se ke kgathetse ke ho rekolohela.


Hobane ke ultwa mehoo e kang ya ya belehang, tsietsi e kang ya ya itshihlollang letsibolo; ke mohoo wa moradi wa Sione, o fehelwa a otlolotse matsoho a hae, o re: Jo! jo nna! moya wa ka o imeditswe ke babolai.


Jehova o sitilwe hore a nne a iphapanye le bolotsana ba diketso tsa lona le manyala ao le neng le a etsa; ke moo lefatshe la lona le entsweng tshenyeho, le sebabatso, le thohako, lefatshe le se nang moahi, kamoo ho ntseng ho le kateng tsatsing lena.


Mme Modimo wona, na o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba bitsang ho wona motshehare le bosiu, leha o dieha ho halefa ka baka la bona na?


Mme le lemohe hobane mamello ya Morena wa rona, ke poloko; jwalokaha Pauluse, ngwanabo rona ya ratwang, a le ngoletse le yena, ka bohlale boo a bo neilweng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ