Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 41:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Bonang, kaofela ha bona hase eng, mesebetsi ya bona ke lefeela le bosawana, ditshwantsho tsa bona ke pudulo feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Bonang, medingwana eo ke ya bohata! Mesebetsi ya yona ke ya lefeela, medingwana ya bona ke lefeela le kang moya!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 41:29
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane medimo yohle ya ditjhaba ke ditshwantsho feela, empa Jehova o entse mahodimo.


Ha a sa tla hlola a sheba dialetare, tseo e leng mosebetsi wa matsoho a hae, mme ha a sa tla hlola a tadima ho tseo a di bopileng ka menwana ya hae, leha e le diashera, leha e le ditshwantsho tsa letsatsi.


Lefatshe la bona le tletse ditshwantsho, ba kgumama pela mesebetsi ya matsoho a bona, e sebeditsweng ka menwana ya bona.


a akgetse medimo ya tsona mollong, hobane e ne e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


Bonang, ha le letho, mosebetsi wa lona ke lefeela; ya ka kgahlwang ke lona o manyala.


Ba o emisa, ba o jara mahetleng a bona, ba o bea tulong sa wona; o eme o sa sisinyehe nqalong ya wona; ba howeletse ho wona, empa ha o arabe, ha o ba boloke matswalong a bona.


Na e mong a ka ba teng hara mafeela a ditjhaba ya nesang pula? Kapa a mahodimo a teng a neang dipula? Na hase wena, Jehova, Modimo wa rona? Le hona re ntse re itshepetse wena, hobane ke wena ya etsang tseo kaofela.


haele baporofeta, ke moya feela, lentswe la Jehova ha le yo ho bona; ba ke ba etswe jwalo hle.


Ho thuswang ke setshwantsho se betlilweng, ha mmetli wa sona a se betlile; le ke setshwantsho se tsholotsweng, le ke moruti wa leshano, ha mmetli a itshepela se betlilweng ke yena, a tle a etse medimo e dimumu?


Hobane diterafime di boletse lefeela, dinohe di bone dipono tsa bohata, ke toro tsa thetso tseo ba di bolelang; ba tshedisa ka tsa lefeela. Ka baka leo, setjhaba se tlohile jwaloka mohlape, ba hloreha ke ho hloka modisa.


Jwale, banna ba bahlano ba neng ba ile ho hlwela naha, ba nyoloha, ba kena, mme ba nka setshwantsho se betlilweng, le efoda, le diterafime, le setshwantsho se tsholotsweng, moprista yena a ntse a eme monyako hammoho le banna ba makgolo a tsheletseng ba hlometseng.


Le se ke la kgeloha, hobane ekaba ke ho latela ntho tsa lefeela, tse ke keng tsa tseba ho le thusa, leha e le ho le namolela, hobane e le mafeela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ