Isaia 41:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)28 Ka tadima, mme ka hloka motho teng; hara bona ha ho ya senolang, ha ho eo nka mmotsang a nkaraba. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE28 Ha ke tadima medingwana ha ke bone motho, kahara yona ha ho moeletsi, ha ho ya nkarabang ha ke e botsa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.