Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 41:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ke mang ya boletseng taba eo esale ho hlaheng, re tle re tsebe? Kapa ya e boletseng mehleng ya pele ke mang, re tle re re: Ke nnete? Empa ha ho ya e boletseng, ha ho ya e senotseng, ha ho ya utlwileng dipolelo tsa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Ya boletseng tsee tshimolohong ke mang re tle re tsebe? Kapa a di bolela pele, re tle re re o ne a nepe? Ha ho ya kila di bolela, ha ho ya kila di senola, polelo tsa hae ha ho ya kila di utlwa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 41:26
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ke ba di tlise, ba re bolelle ditaba tse tlang ho tla! Le boletse ditaba dife tsa kgale? Re bolelleng, re tle re nahane, re tsebe moo di fellang teng; kapa le re tsebise tse tla hlaha.


Ke mang ya entseng hoo, a ba a ho phetha? Ke ya bitsitseng mefuta ya batho esale ho hlaheng, nna Jehova, ke leng wa pele, mme e tla nne e be nna le mehleng ya qetello.


Ditjhaba kaofela di ke di bokellwe hammoho, batho kaofela ba phuthehe! Ke mang hara bona ya ka bolelang ditaba tsa pele? A ba ke ba hlahise dipaki tsa bona, ba tle ba emelwe; batho a ba ke ba utlwe, mme ba re: Ke teng!


Ke mang ya jwaloka nna ya boletseng tse esong ho hlahe, esale ke thea setjhaba hore e be sa kamehla? A bolele, a hlahise pela ka. Ba ke ba bolele tse tlang ho tla, tse tlang ho etsahala!


Bolelang tsa lona, le di tlise. Ba ke ba botsane hammoho! Na ke mang ya boletseng ditaba tseo esale mehleng ya kgale, ya di porofetileng kgale? Na hase nna Jehova? Ha ho Modimo, haese nna, Modimo o lokileng, o bolokang; ha ho o mong; ke nna feela.


Hopolang diketso tsa pele tse etsahetseng kgale, hobane ke nna Modimo o matla, mme ha ho o mong; ke nna Modimo, mme ha ho ya jwaloka nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ