Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 41:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 ba tle ba bone, ba tsebe, ba lemohe, ba elellwe kaofela hoba letsoho la Jehova le entse dintho tseo, le hoba Mohalaledi wa Iseraele ke yena moetsi wa tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Batho ba tla bona tsena ba be ba tsebe, ba hlokomele, ba be ba utlwisise: Morena o entse tsena ka letsoho la hae, Ya Halalelang wa Iseraele o di hlodile.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 41:20
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka tsona tsohle, ke mang ya ka hanang ho bona hoba letsoho la Jehova le entse ntho tseo kaofela;


ba tle ba tsebe hobane ke letsoho la hao, ke wena, Jehova, ya entseng hoo!


Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta.


Empa ke o tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.


Le yona taba eo e tswa ho Jehova wa makgotla, ya nang le kutlwisiso e makatsang le kelello e kgolo.


Bao meya ya bona e neng e kgeloha, ba tla ithuta bohlale; ba neng ba nganga, ba tla amohela thuto.


Mme kganya ya Jehova e tla bonahala, nama yohle e tla e bona hammoho, hobane molomo wa Jehova o boletse.


Ke mang ya entseng hoo, a ba a ho phetha? Ke ya bitsitseng mefuta ya batho esale ho hlaheng, nna Jehova, ke leng wa pele, mme e tla nne e be nna le mehleng ya qetello.


Nna Jehova, ke Mohalaledi wa lona; nna, Mmopi wa Iseraele, ke Morena wa lona.


Setjhaba seo ke iketseditseng sona se tla bolela dithoko tsa ka.


Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.


Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.


Le tla bona hoo, mme dipelo tsa lona di tla thaba, masapo a lona a mele jwaloka jwang; letsoho la Jehova le tla tsejwa ke bahlanka ba hae; empa o tla halefela dira tsa hae.


Mesebetsi ya bona le mehopolo ya bona e pepeneneng ho nna ... E se e le nako ya ho phutha ditjhaba kaofela le dipuo tsohle, hore di tle, mme di bohe kganya ya ka.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Jakobo a ke ke a louwa, le Iseraele a ke ke a nohelwa. Jwale ho tla bolellwa Jakobo le Iseraele mosebetsi o sebeditsweng ke Modimo.


ha a etla ho tlotliswa mohlang oo bahalaleding ba hae, le ho etswa ya makatsang ka bohle ba dumetseng; hobane bopaki ba rona hara lona bo amohetswe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ