Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 41:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bona, ke tla o etsa selei se setjha, se phophothang, se meno a bohale; o tla pitla dithaba, o di phophothe, maralla o a etse jwaloka mooko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 “Bona, ke tla o etsa selei se phophothang, se setjha, se nang le meno e ntjhotjho. O tla thua dithaba, o di phophothe, maralla wona o a sile, a ke mmoko;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 41:15
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mpa ya yona e mangeta a thata; e ka selei se hulwang seretseng.


Ka ba silakanya jwaloka lerole le nkwang ke moya, ka ba fiela jwaloka diretse tsa tsela.


Ditjhaba di duma jwalokaha ho duma metsi a mangata. Empa Modimo o a di kgalemela, di balehela hole, di lelekiswa jwaloka mooko wa dithaba ha moya o foka, le jwaloka lerole pela sefefo.


Oho, setjhaba sa ka se hatakelwang jwaloka koro seotlong, tseo ke di utlwileng ho Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, ke le boleletse tsona.


Hape, aneta ha e pupetswe ka selei se phophothang, le kumine ha e batle leoto la koloi, empa aneta e ye e polwe ka lere, le kumine ka thupa.


Bongata ba dira tsa hao bo tla fetoha lerole le lesesane, bongata ba bahale bo be jwaloka mooko o fefolwang; taba eo e tla phakisa e hlahe hanghang.


Ke tla senya dithaba le maralla, ke omise botala ba tsona kaofela; ke tla fetola dinoka naha e thata, ke pshese madiba.


Hojane o ka bula mahodimo, wa theoha, dithaba tsa keleketla pela hao!


O no o le tjhaka ya ka le dibetsa tsa ntwa, ke nnile ka pshatla ditjhaba ka wena, ka timetsa mebuso ka wena.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Moradi wa Babilona o jwaloka seotlo ka nako eo ho polwang ho sona; ho sa le motsotso o se okae, ho ntoo ba nako ya kotulo ho yena.


Ke tla phahamisa dillo le pokollo dithabeng, le makgulong a lefeella ke bine kodiyamalla, hobane a tjhesitswe, ha ho sa le motho ya fetang teng, ha ho sa utluwa dillo tsa mehlape; dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo di balehile, di ile.


Ke tla etsa lefatshe nahathothe le lefeella, boikgohomoso bo matla ba lona bo tla fela, dithaba tsa Iseraele di senyehe, ho se e mong ya tlang ho feta ho tsona.


Yaba tshepe, le letsopa, le koporo, le silefera, le kgauta, di robakwa hang, tsa eba jwaloka mooko o fefohang seotlong, lehlabula; tsa nkwa ke moya, mme nqalo ya tsona ha e a ka ya hlola e fumanwa; lejwe le neng le thesetse setshwantsho, la fetoha thaba e kgolo, la tlala lefatshe lohle.


Tsoha, o pole, moradi wa Sione, hobane lenaka la hao ke tla le fetola tshepe, ditlhako tsa hao e be koporo, o tle o thuhake di tjhaba tse ngata; ke tla kgethela Jehova leruo la tsona, monono wa tsona ke o kgethele Morena wa lefatshe lohle.


Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!


O haola lefatshe ka kgalefo, o hatakela ditjhaba ka bohale.


Wena thaba e kgolo, o eng pela Sorobabele? O lehwatata feela! Mme o tla hlahisa lejwe la hloro ya ntlo hara ditlatse tse reng: Le hauhelwe! le hauhelwe!


leha e le moru le tla ikgathela teng, le phello ya wona e tla ba ya lona; hobane le tla leleka Bakanana, leha ba ena le makoloi a tshepe, hape ba le matla.


Jehova a re ho yena: Ruri, ke tla ba le wena, mme o tla hlola Bamidiane, jwaloka hoja ke motho a le mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ