Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 40:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ba batjha ba kgathala, ba fokola, dikwankwetla di a wa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Batjha ba a kgathala, mme ba tepelle, bahlankana ba kgothometsehe, ba be ba we;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 40:30
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho morena ya ka hlolang ka bongata ba makgotla a hae, ha ho mohale ya ka bolokehang ka boholo ba matla a hae.


Ditawana di ka hloka, tsa lapa; empa ba batlang Jehova ha ba haellwe ke molemo leha o le mong.


Bona, o lekanyeditse ditshiu tsa ka di be jwaloka boahlamo ba seatla; ditshiu tsa ho phela ha ka di jwaloka ntho e leng siyo pela hao; ruri, motho e mong le e mong ya leng teng ke mofehelo feela. (Sela.)


Ke lemohile, mme ke bone tlasa letsatsi hoba peisong ya lebelo ha a siye ba bang kamehla, ntwa hase ya diqhenqha kamehla, bohobe hase jwa ba bohlale kamehla, le leruo hase la ba kello kamehla, le ho ratwa hase ha batsebi kamehla, empa bohle ba hlahelwa ke nako le sebaka sa ntho tseo.


Ba tla bolaya ba batjha ka metsu, ba ke ke ba hauhela bana ba sa leng popelong, mahlo a bona a ke ke a utlwela ba anyang bohloko.


Ka baka leo, Morena a ke ke a kgahliswa ke ba batjha ba sona, a ke ke a hauhela dikgutsana le bahlolohadi ba sona, etswe e le ba kgopo le ba bolotsana kaofela ha bona, mme molomo wa e mong le e mong o bua dinyefolo feela. Ha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Moabe o senyehile, metse ya hae e nyoloha e le mosi, ba batjha ba kgethilweng ba hae ba theohela polaong, ho bolela Morena eo lebitso la hae e leng Jehova wa makgotla.


Ke tletse kgalefo ya Jehova, ke kgathetse ke ho e thibela; ke ya e tshollela baneng ba diterateng, le phuthehong ya bahlankana; le hona monna o tla tshwarwa hammoho le mosadi, leqheku le ya qetileng ditshiu tsa hae.


Hobane lefu le tlolela ka difensetere tsa rona, le kena matlung a kgabileng, ho tla bolaya bana seterateng, le bahlankana mapatlelong.


ya lebelo o tla sitwa ho baleha, ya matla a ke ke a itiisa ka matla a hae, senatla se ke ke sa boloka ho phela ha sona.


Haele Davida, a nna a phalla, a ena le batho ba makgolo a mane, hobane ho ne ho setse ba makgolo a mabedi ba kgathetseng, ba sitwang ho tshela molapo wa Besore.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ