Hobane efela bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: Matsoho a bona a tle a tepellele mosebetsi, hore o tle o se ke wa etswa. Oho jwale, Modimo wa ka, o ke o matlafatse matsoho a ka!
o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!
Morena Jehova o nneile leleme la ba rutehileng, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ya kgathetseng ka lentswe la ka. Ke yena ya ntsosang kameso yohle, ya bulang ditsebe tsa ka, ke tle ke tsebe ho mamela ka mokgwa wa ba rutwang.
Yaba Modimo o petsola lefika le sekoti la Lehi, metsi a ba a tswa ho lona; a nwa, mme pelo ya hae ya boela bodulong, a thuseha. Ka baka leo, ho reilwe lebitso la teng Ene-Hakkore (sediba sa ya howeletsang); sediba seo se sa le teng Lehi le kajeno.