Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 40:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Lelalang hodimo, le tadime! Ya entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makgotla a tsona ka lenaneo, o di thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitweng ke letho; ha ho le e nngwe ho tsona e hlokahalang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Lelalang, le tadime mahodimo: Tseo le di bonang di bopilwe ke mang? Ke ya balang naledi tsa lehodimo a di bale ka bomong, lebotho ka leng a le bitse ka lebitso la lona? Ka baka la matla a hae a maholo, le ka baka la bonatla ba hae, ha ho le le leng le lahlehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 40:26
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Modimo o re: Masedi ha a be teng sebakeng sa mahodimo, ho arohanya motshehare ho bosiu, e be dipontsho tsa dinako tse beilweng, le tsa matsatsi, le tsa dilemo,


Modimo wa etsa masedi a mabedi a maholo, lesedi le leholo la wona ho busa motshehare, le lesedi le lenyenyane la wona ho busa bosiu, wa etsa le dinaledi.


Kgale o ne o thee lefatshe, mme mahodimo ke mosebetsi wa diatla tsa hao.


le kajeno, tsohle di sa ntse di eme ka melao ya hao, hobane dintho tsohle di tlasa hao.


Ke lelaletsa mahlo a ka dithabeng; thuso ya ka e tla tswa kae?


Mahodimo a bolela kganya ya modimo, mme sebaka sa lehodimo se bonahatsa mosebetsi wa diatla tsa wona.


Ereng ho Modimo: Mesebetsi ya hao e tshabeha hakakang! Ka baka la boholo ba matla a hao, dira tsa hao di ipea katlase ho wena;


Batlang bukeng ya Jehova, le bale! Ha ho le e nngwe ya phoofolo tseo e tla hlokahala, ha ho e nngwe e tla ba siyo, hobane molomo wa ka o boletse; ke moya wa hae o tla di bokella.


Ho itswe ke Modimo Jehova, ya entseng mahodimo, ya a phutholotseng, ya anehileng lefatshe le dimela tsa lona; ya neileng batho ba ho lona phefumoloho, le moya ho ba tsamayang teng:


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa hao, ya o entseng esale le popelong ya mmao: Ke nna Jehova ke entseng dintho tsohle, ke manolotseng mahodimo ke nnotshi, ke adileng lefatshe ke le mong,


Ke nna ke entseng lefatshe, ke bopileng motho hodima lona; mahodimo a adilwe ke nna ka matsoho a ka, ka laola makgotla a wona kaofela.


Ke nna ke bopang lesedi, ke hlahisang lefifi, ke etsang kgotso, ke hlahisang tshenyo; ke nna Jehova ya etsang tseo kaofela.


Mmamele, Jakobo, le wena Iseraele eo ke o bitsitseng! Ke nna ke leng wa pele, le wa morao esale nna.


Letsoho la ka ke lona le theileng lefatshe, mme le letona la ka le adile mahodimo; ke a bitsitse, a hla a hlaha hang.


Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ