Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 40:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Mofumanehi ya hlokang kabelo o ikgethela lehong le sa boleng, o ipatlela mmetli ya bohlale ho mmetlela setshwantsho se sa sisinyeheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Mofutsana ya sitwang ho etsa nyehelo e jwalo, o kgetha sefate se ke keng sa ba sa bola; a batle setsebihadi sa mohlalefi ho mo etsetsa setshwantsho sa modimo wa bohata, se ke keng sa wa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 40:20
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setei se kgothatsa ya tshollang setshwantsho, ya hlatswang ka noto le yena o kgothatsa ya teang tshetlong ya futho, o re: Se kopanyang se molemo. Mme o tiisa setshwantsho ka dipekere, se tle se se ke sa sisinyeha.


Lelala le tea selepe, le sebetsa mollong wa mashala; le se bopa ka noto, le se sebetsa ka matla a matsoho a lona; le be le lape, le fellwe ke matla; leha le sa nwe metsi, le ye le fokole hampe.


Ba o emisa, ba o jara mahetleng a bona, ba o bea tulong sa wona; o eme o sa sisinyehe nqalong ya wona; ba howeletse ho wona, empa ha o arabe, ha o ba boloke matswalong a bona.


o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.


Ba enwa veine, ba ba ba roka medimo ya bona ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ