Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 38:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ke tla re eng? O ntshepisitse, mme o nkutlwile. Ke tla tsamaya ka boikokobetso ho isa ho feleng ha dilemo tsohle tsa ho phela ha ka, hobane bohloko ba moya wa ka bo fetile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Empa jwale ke tla reng? O buile ho nna, sena se entswe ke yena, ke tla ikokobetsa ka lemo tsohle ha ke ntse ke phela, le hoja pelo ya ka yona e le bohloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 38:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Akabe, ha a utlwa taba tseo, a hahola diaparo tsa hae, a itlama mmele ka lesela le mahwashe, a itima dijo, a robala ka lesela le mahwashe, a nanya butle.


Yare ha a fihla ho monna wa Modimo, thabeng, a mo tshwara ka maoto. Gehasi a mpa a mo atamela ho mo suthisa; empa monna wa Modimo a re: Mo tlohele, hobane pelo ya hae e bohloko, mme Jehova o mpatetse, ha a ka a ntsebisa.


Oho, Modimo, re tla reng jwalo kamora taba tsena? Hobane re furaletse melao ya hao,


Pelo ya ka e kgobohelwa ke bophelo ba ka; ha ho le jwalo, e ka kgona ke neele ho dumaduma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moya wa ka.


Athe e mong o ye a shwe mahlomoleng a moya wa hae, a sa ka a ja leseho.


Ha ho le jwalo, nke ke ka thiba molomo wa ka, empa ke tla bolela masisapelo a ka, ke dumadume ho babeng ha moya wa ka.


Ke rata Jehova, hobane o utlwile lentswe la ka, le merapelo ya ka;


Jwala bo tahang le bo nee motho ya ya timela, le veine le e nose motho ya pelo e hlomohileng;


Bona, mahlomola a ka a mphetohetse poloko, o ithatetse ho ntsha moya wa ka lebitleng la ho fela; hobane o lahletse dibe tsa ka kaofela kamora hao.


Jwale, moya wa ka o a sisimoha; mme ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o ntwele nakong ena? Empa ke yona ntho eo ke tletseng nako ena.


Oho, Morena, ana ke tla reng haele moo Baiseraele ba balehile pela dira tsa bona?


A tla a hlokofetse moyeng wa hae, a rapela Jehova, a ntse a lla habohloko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ