Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 38:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ka ba ka lla jwaloka moholodi le lefokotsane, ka bohola jwaloka leebakgorwana; mahlo a ka a kgathala ke ho lelala hodimo! Jehova, ke matswalong, o mpoloke!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ka lla sa lefokotsane kapa sa moholodi, ka kuruetsa sa leebana-kgorwana. Mahlo a ka a kgathetse ke ho lelalela hodimo, Morena, ke ditlallong, tloo, o tlo nthusa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 38:14
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ako mpeele selebeletso bakeng sa ka; hobane ke mang ya ka nkemelang a ntshwere ka letsoho?


Ke se ke le ngwanabo phokojwe le molekane wa mpshe.


Mahlo a ka a ebile ke ho lebella pallo ya hao, mme ke re: O tla ntshedisa neng?


Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.


o nkutlwe, mme o nkarabe! Ke timeletswe, ke sisa pelo, ke a dumaduma,


Ke kgathaditswe ke ho howa, mmetso wa ka o omeletse; mahlo a ka a fifala, ha ke ntse ke lebeletse Modimo wa ka.


Re bokolla bohle jwaloka dibere, re lla jwaloka maebakgorwana; re lebeletse ho loka, mme ha ho hlahe; re lebeletse le poloko, mme e a re balehela.


Le kajeno, mahlo a rona a ntse a eba ke ho lebella thuso ya rona! Ke lefeela; tebellong ya rona re lebile ho setjhaba se se nang ho pholosa.


Etlare hobane ba phonyohileng ba bona ba phonyohe, bohle ba tla ba dithabeng, ba lle jwaloka maeba a dikgutlo, e mong le e mong hodima bokgopo ba hae.


Ho fedile: Ninive o a hlobodiswa, o iswa hole; makgabunyane a hae e itelela ka dillo tse kang tsa maebakgorwana, a iteta difuba.


Ninive, haesale a hlaha, o ne a le jwaloka letsha la metsi a mangata. Jwale, howa balehuwa! Emang, emang! ... empa ha ho ya retelehang!


ke moo ho bonahalang hoba Jesu o beilwe mmuelli wa selekane se fetisang sa pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ