Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 37:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Mme yare ha a se a kgumamile tempeleng ya Nisroke, modimo wa hae, Adrammeleke le Sharetsere, bara ba hae, ba mmolaya ka lerumo, ba ntoo balehela naheng ya Ararate. Yaba Esare-Haddone, mora wa hae, e ba morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 37:38
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka tsatsi la leshome le metso a supileng la kgwedi ya bosupa, areka ya ema hodima dithaba tsa Ararate.


Haele medimo ya ditjhaba tseo bontate ba di timeditseng, ke ofe ho yona o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka, haele moo le re, Modimo wa lona o na le matla a ho le namolela matsohong a ka?


Ba bolela tsa Modimo wa Jerusalema jwaloka hoja eka e le o kang medimo ya ditjhaba tsa lefatshe, e leng mesebetsi ya matsoho a batho.


Yaba Jehova o romela lengeloi, la ya la timetsa banna ba bahale, le balaodi, le matona a diahelong tsa morena wa Assiria, mme Sankeribe a kgutlela naheng ya hae a hlabilwe ke dihlong. Teng, eitse ha a kene tlung ya modimo wa hae, ba tswileng thekeng la hae ba mmolaya ka sabole.


tsa atamela ho Sorobabele le ho dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, tsa re: A re keng re hahe le lona, etswe le rona re batla Modimo wa lona jwaloka lona, mme re ntse re o hlabela, haesale mohla Esare-Haddone, morena wa Assiria, a re falaleditseng kwano.


O wele jwang lehodimong, mphatlalatsane, mora mafube? O rapaladitswe jwang fatshe, wena, mohlaseladitjhaba?


Le katlase, nqalo ya bafu e fudueha bakeng sa hao, ho o kgahlanyetsa ha o fihla; e tsositswe diriti ka baka la hao, e leng tsa bohle ba matla ba lefatshe, le marena kaofela a ditjhaba e a raositse teroneng tsa wona.


Esekiase a se ka a le tshepisa Jehova, ka ho re: Jehova o tla re namolela, mme motse ona o ke ke wa neelwa matsohong a morena wa Assiria.


Le se ke la thetswa ke Esekiase, ha a re ho lona: Jehova o tla re namolela! Hleka medimo ya ditjhaba e namoletse o mong le o mong naha ya wona matsohong a morena wa Assiria na?


O se ke wa thetswa ke Modimo wa hao, oo o o tshepileng ka ho re Jerusalema a ke ke a neelwa matsohong a morena wa Assiria.


Bona, ke se ke tla kenya moya o mong ka ho yena, oo ka wona, ha a utlwa taba e nngwe, a tla kgutlela naheng ya hae, ke mo dihe ka lerumo naheng ya hae.


Emisang folaga lefatsheng, le letse terompeta ditjhabeng, le mo tsosetse ditjhaba, le mo memele mebuso ya Ararate, ya Minni, le ya Ashkenase, le bee balaodi ba makgotla ho mo lwantsha; atametsang dipere, di ke di nyolohe jwaloka ditsie tse mohlahla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ