Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 37:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 37:36
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lengeloi, eitse ha le lebisa letsoho la lona nqa Jerusalema hore le bolaye ba teng, Jehova a ba utlwela bohloko ka baka la tshenyeho, a re ho lengeloi le bolayang setjhaba: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Ke ha lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Arauna Mojebuse.


Ka bona bosiu boo, ha tswa lengeloi la Jehova, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Eitse ha ba tsoha hosasa, ba bona e le ditopo feela.


kapa lemo tse tharo tsa tlala, kapa kgwedi tse tharo tsa ho bolawa ke dira tsa hao, o qetwe ke sabole ya ba o hloileng, kapa tshiu tse tharo tseo ka tsona lerumo la Jehova le lefu la sewa le tla senya naheng ya Baiseraele, mme lengeloi la Jehova le tla timetsa batho naheng yohle ya bona. Jwale, bona hore na ke tla busetsa karabo efe ho ya nthomileng!


Davida eitse ha a emisa mahlo, a bona lengeloi la Jehova le eme pakeng tsa lefatshe le lehodimo, le tshwere sabole e bolatsi letsohong la lona, le e otlolletse Jerusalema. Yaba Davida le baholo, ba apere masela a mahwashe, ba itahla fatshe ka difahleho tsa bona.


ba ye ba hodiswe, mme ka motsotso o se mokae ha ba sa le yo, ba se ba rapaletse; ba nkwa jwaloka batho bohle, ba kotulwa jwaloka diqwapi tsa mabele.


Ba ye ba shwe hang, hara bosiu; setjhaba se ye se heletswe, se timele; ba matla ba tloswa, e seng ka letsoho la motho.


Hobane Jehova o tla haola ka Egepeta, a e otle, mme etlare ha a bona madi sefateng se hodimo le dikoseneng, Jehova o tla feta hodima monyako, a se ke a dumella mosenyi hore a kene ka matlung a lona ho le otla.


Yaba Faro o tsoha bosiu, yena le bahlanka ba hae kaofela, le Baegepeta bohle; ha eba seboko se seholo Egepeta, hobane ho ne ho se ntlo e hlokang mofu.


Etlare hobane Morena a qete mosebetsi wohle wa hae thabeng ya Sione le Jerusalema, ke tla otla morena wa Assiria ka baka la ditholwana tsa boikgohomoso ba pelo ya hae, le ka baka la boikgantsho ba mahlo a hae.


Hobane ho se ho se hokae, kgalefo ya ka e tla feta, bohale ba ka bo kgelohele ho ya ba timeletsa.


Jehova wa makgotla o tla tlisa phafa hodima Assiria, jwalokaha a kile a otla Midiane lefikeng la Orebe, a emise thupa ya hae hodima lewatle, jwalokaha a entse Egepeta.


Na o re, Jehova o otlile Iseraele ka dikotlo tse kang tseo bahlorisi ba hae ba otlilweng ka tsona, kapa na o mmolaile jwalokaha a bolaile ba mmolaileng na?


Bongata ba dira tsa hao bo tla fetoha lerole le lesesane, bongata ba bahale bo be jwaloka mooko o fefolwang; taba eo e tla phakisa e hlahe hanghang.


Assiria o tla fediswa ke lerumo leo e seng la motho; lerumo leo e seng la motho le tla mo ja, a balehe pela lerumo, bahlankana ba hae ba etswe ba ruilweng.


Nebukadnesare a bua, a re: Ho roriswe Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, o romileng lengeloi la wona wa boloka bahlanka ba wona ba o tshepileng, ba tlotseng taelo ya morena, ba tedileng mmele ya bona, hore ba tle ba se ke ba sebeletsa, ba rapela modimo o mong haese Modimo wa bona!


Ba tla disa lefatshe la Assiria ka lerumo, ba dise le mahareng a dikgoro tsa lefatshe la Nimrode; mme yena o tla re namolela ho Moassiria, mohla a kenang naheng ya rona, mohla a tlolang meedi ya rona.


Jehova o itse: Leha ba bolokehile, ba ntse ba le bangata, le teng ba tla helwa, ba fete, mme wena Juda, eo ke o kokobeditseng, ha ke sa tla o kokobetsa.


Mokalli o a nehela, ... sabole e a bekenya, lerumo le a phatsima, ... ba hlabilweng ba bangata, ... ke diqubuqubu tsa ba bolailweng, ha ho moo ditopo di fellang; ... ba kgoptjwa ke ditopo tse shweleng!


Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ