Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 37:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Hobane ke tla sireletsa motse wona, ke o pholose, ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 ‘Motse ona ke tla o sireletsa, ke o pholose, ke o pholosetse nna le mohlanka wa ka Davida.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 37:35
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele mora hae, ke tla mo nea leloko le le leng, hore mohlanka wa ka, Davida, a nne a be le lebone le tukang kamehla pela ka Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona ho bea lebitso la ka ho wona.


Leha ho le jwalo, ka baka la Davida, Jehova, Modimo wa hae, a mo nea lebone le tukang Jerusalema, ka ho mo hlahlamisa mora hae, le ka ho tiisa Jerusalema.


Ke tla eketsa le tshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano, ke o namolele wena le motse ona matsohong a morena wa Assiria, ke sireletse motse ona ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.


O tseba mohlanka wa hao, Jehova; ke ka baka la mohlanka wa hao le la thato ya hao o entseng taba tseo tsohle tse kgolo, hore o mo tsebise tseo tsohle tse kgolo!


Empa jwaloka dinonyana ha di otlolla mapheo a tsona, Jehova wa makgotla o tla sireletsa Jerusalema ka mapheo a hae; a apese, a namolele, a qenehele, a pholose.


Ke tla o namolela, wena le motse wona, matsohong a morena wa Assiria, ke sireletse motse wona.


Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ba mpa ba tla sebeletsa Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona, eo ke tla mmea ho bona.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ba neng ba le ho tsona, tseo ke neng ke ipoletse ho bona pela tsona, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta.


Ha ho le jwalo, ere ho ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Ha ke etsetse lona, ntlo ya Iseraele: ke etsetsa lebitso la ka le kgethehileng, leo le le sentseng ditjhabeng tseo le fihlileng ho tsona.


Jehova wa makgotla o tla ba sireletsa; ba tla ja dira tsa bona, ba hatakele majwe a matjeketjane; ba tla nwa madi a tsona, ba be ba hobe jwaloka hoja ba nwele veine; ba tla tlala jwaloka morifi wa mahlabelo, jwaloka dintlha tsa aletare.


e leng wona tebeletso ya lefa la rona, ho tle ho lopollwe bao Modimo o ithuetseng bona, e be thoriso ya kganya ya wona.


e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.


hoja ke sa ka ka tshaba phephetso ya dira, le hore bao e leng dira ho bona ba ka fosa ditaba, ba re: Matsoho a rona a phahame, ntho tseo kaofela hase Jehova ya di entseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ