Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 37:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Hobane masala a tla tswa Jerusalema, mme ba phonyohileng ba tswe thabeng ya Sione: poulelo ya Jehova wa makgotla e tla etsa tseo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Jerusalema ho tla ba le masalla, thabeng ya Sione ho be le ba phonyohileng, hona ho phethahatswa ke Morena, a ho phethahatse ka tjheseho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 37:32
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane masala a tla tswa Jerusalema, mme ba phonyohileng ba tla tswa thabeng ya Sione; poulelo ya Jehova wa makgotla e tla etsa tseo.


Mohlang oo, masala a Iseraele le ba phonyohileng ba ntlo ya Jakobo ha ba sa tla hlola ba tshepa mohlorisi wa bona, empa ba tla tshepa Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, ka nnete yohle ya bona.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane o Modimo o nnotshi, wena Jehova!


Ekaba mohlomong, Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.


Mehleng eo, lehlomela la Jehova le tla hlaha bokgabaneng le kganyeng, tholwana ya lefatshe e be kganya le kgabiso ho Baiseraele ba phonyohileng.


Jehova o futuha jwaloka mohale, o tsoha bohale jwaloka motho wa ntwa, o etsa mohoo, o phahamisa ditlatse tsa ntwa, o bontsha dira matla a hae.


O apere dihlomo tsa hae; ho loka ke tshireletso ya sefuba sa hae; hloohong o rwetse heleme ya poloko; phetetso yona ke seaparo sa hae; poulelo yona ke kobo eo a ipopileng ka yona.


Tadima, o le lehodimong; o bone, o le nqalong ya hao e halalelang, e kganyang! Na e kae tjheseho ya hao le matla a hao? Ho sisinyeha ha pelo ya hao le mohau wa hao, na o re thibelletseng tsona na?


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Ebile moo Jehova a boulelang lefatshe la hae, mme a hauhela setjhaba sa hae.


Mme lengeloi le buang le nna la mpolella, la re: Phahamisa lentswe, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke boulela Jerusalema le Sione ka poulelo e kgolo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ