Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 37:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Hobane ho nthorela ha hao le boithoriso ba hao, bo nyolohetse ditsebeng tsa ka; ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye tomo ya ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Ke utlwile ho mpurumela ha hao le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha ka nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 37:29
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ka kenya mohala dinkong tsa yona, le ho e phunya lehlaya ho kenya lesale na?


Le se ke la ba jwaloka pere le esele tse se nang kutlwisiso, tseo, hojane e se be ka tomo eo di thapiswang ka yona, di neng di ke ke tsa o atamela.


Ditjhaba di mohorohoro, mebuso e a sisinyeha. Modimo o utlwahatsa lentswe la wona, lefatshe le a qhibiliha.


O se ke wa lebala ho rora ha dira tsa hao; ho duma ha bahanyetsi ba hao ha ho kgaotse.


Bahanyetsi ba hao ba kile ba kurutla ka tempeleng ya hao, ba beile dipontsho tsa bona teng.


Hobane dira tsa hao di a dumaduma, ba o hloyang ba emisa dihlooho;


Etlare hobane Morena a qete mosebetsi wohle wa hae thabeng ya Sione le Jerusalema, ke tla otla morena wa Assiria ka baka la ditholwana tsa boikgohomoso ba pelo ya hae, le ka baka la boikgantsho ba mahlo a hae.


Phefumoloho ya hae e jwaloka morwallo o tsholohang, o phahamileng ho isa molaleng wa motho, ho sefa ditjhaba ka sefe ya tshenyeho, ho bea tomo e kgelosang melomong ya ditjhaba.


Kapa o re, ke tlile ho lwantsha naha ena ke se na Jehova na? Jehova ke yena ya itseng ho nna: Eya lwantsha naha eo, o e fedise.


Rabshake a re ho bona: E reng ho Esekiase: Ho itswe ke morena e moholo, morena wa Assiria: Seo o se tshepileng ke eng?


O se ke wa thetswa ke Modimo wa hao, oo o o tshepileng ka ho re Jerusalema a ke ke a neelwa matsohong a morena wa Assiria.


O tla kgutla ka yona tsela eo a tlileng ka yona: a ke ke a kena motseng ona, ho bolela Jehova.


Bona, ke se ke tla kenya moya o mong ka ho yena, oo ka wona, ha a utlwa taba e nngwe, a tla kgutlela naheng ya hae, ke mo dihe ka lerumo naheng ya hae.


Ke se ke ya kenya leutlana mehlahareng ya hao, ke etse hore dihlapi tsa dinoka tsa hao di kgomarele makgapetla a hao, ke o honyolle dinokeng tsa hao, dihlapi tsohle tsa dinoka tsa hao di kgomaretse makgapetla a hao.


La ikgohomosetsa nna ka melomo ya lona, la mpokellela mantswe a lona; mme ka utlwa.


Ke tla o kgutlisa, ke kentse mautlana mehlahareng ya hao, ke o ntshe, e le wena le sera sa hao kaofela, dipere le bapalami, ba hlometse bohle dihlomo tse phethehileng, e le bongata bo boholo bo hlometseng dithejana le dithebe, batho ba ekang lerumo;


Morena Jehova o hlapantse ka bokgetheho ba hae, a re: Bonang, le tla hlahelwa ke matsatsi ao le tla hulwa ka dilope, masala a lona a hulwe ka ditshepe tsa ho tshwasa dihlapi.


Jwale, Pilato ha a bona hobane ha a thuse letho, le hoba moferefere o ntse o tota, a nka metsi, a hatlela pontsheng ho bongata, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; ho iponele lona.


Ba mo mamela ho fihla polelong eo; empa jwale, ba phahamisa mantswe a bona, ba re: Motho ya jwalo a tloswe lefatsheng; hobane ha a tshwanela ho phela.


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ