Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 37:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Hleka ha o a ka wa utlwa hobane kgale ke entse taba eo, ke e rerile mehleng ya boholoholo na? Jwale, ke a e hlahisa, le wena o mona hore o fedise metse e marako, o e fetole diqubu tsa dithako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 “Ha o eso utlwe hore di entswe ke nna kgalekgale? Ka di bopa mehleng ya boholoholo? Jwale, ke nna ya entseng hore o be teng, o tlo timetsa metse e haheleditsweng, e be masupi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 37:26
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.


Tsoha, Jehova, o ba futuhele, o ba dihe! O mpoloke ka lerumo la hao ho bakgopo;


Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.


Na selepe se ka ithoka ho ya remang ka sona na? Le sakga na e ka ithorisa ho ya sakgang ka yona na? Teng, ho ka ba jwaloka hoja thupa e ka sisinya letsoho la ya e emisang, kapa lere le ka emisa hoo e seng sefate.


Boporofeta hodima Damaseka: Bonang, Damaseka o se a tla leswa ho balwa palong ya metse, a fetohe qubu ya dithako.


Le etsa letsha pakeng tsa marako a mabedi, ho bokella metsi a letsha la kgale; empa ha le tadime ho moetsi wa ditaba tseo, ha le lelalle ho ya di rerileng kgale.


Na ha le a ka la tseba, ha le a ka la utlwa na? Na ha le a ka la bolellwa esale ho qaleng? Na ha le eso ho lemohe ho thewa ha lefatshe na?


Na ha o tsebe, na ha o a ka wa utlwa hobane Jehova ke Modimo wa kamehla yohle, Mmopi wa dipheletso tsa lefatshe? Ha a kgathale, ha a fokole, kelello ya hae ha e lekanngwe.


Ke nna ke bopang lesedi, ke hlahisang lefifi, ke etsang kgotso, ke hlahisang tshenyo; ke nna Jehova ya etsang tseo kaofela.


Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?


o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.


Bao ba kgoptjwa ke lentswe kahobane ba sa dumele; etswe e le ntho eo ba e abetsweng.


Hobane hara lona, ho kgukgunetse batho ba bang, bao tsuo ya bona e seng e le kgale e ngotswe; ke batho ba hlokang borapedi, ba fetolang mohau wa Modimo wa rona bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng yena Mmusi a nnotshi, le Morena wa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ