Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 37:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yaba Esaia, mora Amotse, o romela ho Esekiase, a re: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ka thapelo eo o nthapetseng ka yona, bakeng sa Sankeribe, morena wa Assiria,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Yaba Esaya, mora wa Amose, o romela molaetsa ho Hesekiya, o re: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke utlwile thapelo ya hao malebana le Saneheribe, kgosi ya Asiria.’ Ka baka leo, Morena o buile mantswe ana malebana le Saneheribe:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 37:21
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Davida a tsebiswa, ha thwe: Akitofele ke e mong wa ba emelanang le Absalome. Davida a re: Oho, Jehova, o etse keletso ya Akitofele lefeela.


Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Ka selemo sa leshome le metso e mene sa ho busa ha Esekiase, Sankeribe, morena wa Assiria, a futuhela metse yohle ya Juda e marako, mme a e kena.


O tla o rapela, mme o tla o utlwa; o tla phetha dikano tsa hao.


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Yaba o roma Eliakime, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le baholo ba baprista, ho moporofeta Esaia, mora Amotse, ba ikapesitse ka masela a mahwashe.


Ke moo o tlang ho bitsa, mme Jehova o tla araba; o tla howeletsa ho yena, mme o tla re: Ke nna enwa. Ha o fela o lesa ho jarisa motho boima, ho supa ka monwana, le ho etselletsa;


Etlare ba eso ho howe, ke tla be ke se ke ba arabile; etlare ba sa bolela, ke tla be ke se ke ba utlwile.


Eitse hobane ba rapele, nqalo eo ba phuthehetseng ho yona ya sisinyeha, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka matla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ