Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 37:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jehova, sekeha ditsebe tsa hao, o mamele! Jehova, tutubolla mahlo a hao, mme o bone; o mamele mantswe wohle ao Sankeribe a a rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang ka wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Morena, ako sekehe tsebe ya hao, o mamele; Morena, ako tadime, o bone, mme o utlwe mantswe wohle ao Saneheribe a a rometseng ho nyedisa Modimo ya phelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 37:17
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekaba Jehova o tla tadima tshwenyeho ya ka, hore Jehova a busetse botle ho nna bakeng sa hlapa tsa kajeno tsa motho eo.


Jehova, sekeha tsebe ya hao, o utlwe; Jehova, tutubolla mahlo a hao, mme o bone, o utlwe mantswe ao Sankeribe a romileng motho ho nyedisa Modimo o phelang ka wona.


Jwale, Modimo wa ka, mahlo a hao a ele sedi, mme ditsebe tsa hao di hlwaolohele thapelo e bewang nqalong ena!


Ha ho le jwalo, mahlo a ka a tla qamakisisa, le tsebe tsa ka di sekehelwe thapelo e bewang nqalong ena.


Ha o furalle ba lokileng, empa o ba bea le marena teroneng; o ba dudisa teng kamehla, hore ba phahamiswe.


Ke rata Jehova, hobane o utlwile lentswe la ka, le merapelo ya ka;


Oho Modimo, ke bitsa ho wena, hobane o a nkutlwa; sekehela tsebe ho nna, o mamele polelo ya ka.


O mpoloke ka ho loka ha hao, ke tle ke phonyohe; o sekehele tsebe ya hao ho nna, o nthuse.


Oho Modimo, sera se tla re soma ho isa kae? A sera se tla nyefola lebitso la hao kamehla na?


Oho Modimo, tsoha, o eme, o emele nyewe ya hao! Hopola kamoo lewatla le ntseng le o nyefola kateng ka matsatsi wohle!


Morena, o busetse hasupa difubeng tsa ba mabapa le rona dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona!


Ekaba mohlomong, Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.


Hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, mme ditsebe tsa hae di mamela thapelo ya bona; empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ