Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 37:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Na medimo ya ditjhaba tseo bontate ba di fedisitseng, Bogosane, le Harane, le Retsefe, le bana ba Edene ba leng Telasare, na e di namoletse na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Na medimo ya ditjhaba tseo bo-ntataomoholo ba di timeditseng e ile ya di pholosa, e leng medimo ya Gosane, le Harane, le Resefe, le medimo ya setjhaba sa Edene, se neng se le Telasara?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 37:12
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tera a nka mora hae Abrame, le setloholo sa hae Lota, mora Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mohatsa Abrame, mora hae; mme ba tswa Ure wa Kalde ho ya lefatsheng la Kanana. Ba fihla Kharane, ba aha teng.


Ditshiu tsa Tera ya eba dilemo tse makgolo a mabedi a metso e mehlano; Tera a ntoo shwela Kharane.


Eitse ha Abrame a se a fihlile Egepeta, Baegepeta ba bona mosadi hoba o motle haholo.


Jehova Modimo a hloma tshimo Edene ka nnqa botjhabela, mme a bea teng motho eo a mmopileng.


Haele Jakobo a tloha Beerseba, a ya Kharane.


Yaba Jakobo o re ho bona: Banabeso, le ba kae? Ba re: Re ba Kharane.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Assiria a kena Samaria, a isa Baiseraele kgolehong Assiria, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede.


Morena wa Assiria a isa Baiseraele Assiria kgolehong, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede,


Na o re, medimo ya ditjhaba e di namoletse, tseo bontate ba di fedisitseng, bo-Gosane, le Harane, le Retsefe, le bana ba Edene, ba leng Telasare na?


Le se ke la thetswa ke Esekiase, ha a re ho lona: Jehova o tla re namolela! Hleka medimo ya ditjhaba e namoletse o mong le o mong naha ya wona matsohong a morena wa Assiria na?


E kae medimo ya Hamathe le ya Arpade? E kae medimo ya Sefarvaime? Na le wona Samaria o namoletswe matsohong a ka na?


Ke efe ho medimo yohle ya dinaha tseo e namoletseng naha ya yona matsohong a ka, ha ho thwe Jehova a ka namolela Jerusalema matsohong a ka?


O kae morena wa Hamathe, le morena wa Arpade, le morena wa motse wa Sefarvaime, wa Hena, le wa Ivva?


Karane, le Kanne le Edene, le bahwebi ba Sheba, le Baassiria, le Bakilmade, ba ne ba hweba le wena.


O ne o le Edene, tshimong ya Modimo; o ne o apesitswe ka mahakwe wohle a mefuta, a bohlokwa, e leng rubise, topase, daemane, krisolithe, onikse, jaspe, safire, karbunkele, emerauta le kgauta. Ha hao, ho ne ho lokisitswe tshebetso ya meropa le ya diphala, haesale o hlaha.


Ke tla roba mekwallo ya Damaseka, ke fedise ba ahileng thoteng ya Afene, le ya tshwereng lere la borena Bethe-Edene, mme setjhaba sa Siria se tla iswa Kire kgolehong: ho itswalo ke Jehova.


Setefane a re: Banna ba heso le bontate, utlwang! Modimo wa kganya o ne o ipontshe ho ntata rona Abrahama, a sa le Mesopotamia, a eso ho ahe Kgarane,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ