Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 36:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O tla leleka jwang tona leha e le nngwe hara bahlanka ba banyenyane ba monga ka? Empa o tshepile Egepeta, hore o tla bona makoloi le bakalli teng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Haeba o tshepile hore Egepeta e tla o nea dikariki tsa ntwa le bapalami, ebe o ka tseba ho phekgola molaodi leha a le mong feela wa bahlanka ba eisehang ba monga ka?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 36:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla leleka jwang tona e le nngwe hara bahlanka ba banyenyane ba monga ka? Empa eka o tshepile hore o tla bona makoloi le bapalami Egepeta!


Hobane Morena o ne a utlwisitse makgotla a Siria modumo wa makoloi, le modumo wa dipere, le modumo wa bahlabani ba bangata, ba ba ba bolellana, ba re: Bonang, morena wa Iseraele o re memetse marena a Bahethe le marena a Baegepeta.


Pere e lokisetswa letsatsi la ntwa; empa poloko ke ya Jehova.


Hobane o re: Matona a ka na hase marena kaofela a tsona na?


Ba tla tshoha, ba swabe ka baka la Ethiopia eo ba mo tshepileng, le ka baka la Egepeta eo ba ithorisang ka yena.


Hobane thuso ya Egepeta ke lefeela le bosawana; ke ka baka leo ke bitsang hoo: Modimo o moholo o sa sebetseng letho.


Moegepeta ke motho, e seng modimo; dipere tsa hae ke nama, e seng moya. Etlare ha Jehova a otlolla letsoho la hae, mothusi o tla kgoptjwa, le ya thuswang a we, ba fele kaofela hammoho.


Bona, o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye; Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.


Jwale, o ke o etse tumellano le monga ka, morena wa Assiria, ke o nee dipere tse dikete tse pedi, ha ekaba o ka ntsha bakalli ba ka di kallang!


O phaila keng hakakale ho kgeloha tsela ya hao? O tla hlabiswa dihlong ka Egepeta, jwalokaha o kile wa hlabiswa dihlong ka Assiria.


Feela a se ke a ipokellela dipere tse ngata, mme a se ke a busetsa setjhaba Egepeta, ho bokella dipere tse ngata; hobane Jehova o le boleletse, a re: Le se ke la boela la tsamaya ka tsela eo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ