Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 36:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Bona, o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye; Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Bona mona, o tshepile Egepeta, e leng lere la lehlaka le peperaneng, le hlabang seatla sa motho ya itshetlehang ka lona. Faro, kgosi ya Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 36:6
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlomong, morena wa Assiria a fihlela phetohelo e le teng ho Osea, kamoo a rometseng manqosa kateng ho So, morena wa Egepeta, le kamoo a sa kang a nna a tlisetsa morena wa Assiria lekgetho kateng, jwalokaha a ne a entse ka selemo se seng le se seng. Yaba morena wa Assiria o mo kwalla teronkong, a mo tlama.


Ke fela ke bona hobane o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo, ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye. Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.


Le se ke la itshepela marena, leha e le bana ba batho ba sitwang ho pholosa motho!


Molotsana eo o mo tshepileng mohla tsietsi, ke leino le robehileng le leoto le tetemang.


Ho madimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso, ba itiisang ka dipere, ba tshepang makoloi ka ho re a mangata, ba tshepang le ba kallang dipere, hobane ba matla, athe ha ba tadime Mohalaledi wa Iseraele, mme ha ba batle Jehova!


Moegepeta ke motho, e seng modimo; dipere tsa hae ke nama, e seng moya. Etlare ha Jehova a otlolla letsoho la hae, mothusi o tla kgoptjwa, le ya thuswang a we, ba fele kaofela hammoho.


Esita le Faro, a ke ke a tla mo lwanela ka sera se seholo, leha e le ka setjhaba se sengata, ha ho etswa ditutudu, mme ho hahuwa lerako le potang, hore ho tle ho bolawe batho ba bangata.


Mmuso oo ha o sa tla tshepisa ba ntlo ya Iseraele letho; o tla ba hopotsa bokgopo ba bona, ba mohla ba neng ba retelehela ho wona; mme ho tla tsejwa hoba ke nna Morena Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ