Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 36:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ke efe ho medimo yohle ya dinaha tseo e namoletseng naha ya yona matsohong a ka, ha ho thwe Jehova a ka namolela Jerusalema matsohong a ka?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ke modimo ofe, hara medimo ya dinaha tsee, o kileng wa lopolla naha ya wona matsohong a ka, hoo jwale le hopolang hore Morena o tla lopolla Jerusalema matsohong a ka?’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 36:20
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa bahlanka ba morena wa Siria ba re ho yena: Medimo ya bona ke medimo ya dithaba, ba re hlotse ke hona; ha re ka ba lwantsha lehwatateng, ruri re ka ba hlola.


Ha tla monna wa Modimo, a re ho morena wa Iseraele; Jehova o re: Ka baka la hobane Basiria a ba itse: Jehova ke modimo wa dithaba, hase modimo wa mahwatata, ke tla neela bongata boo bo boholo matsohong a hao, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Jwale, ke re: Esekiase a se ke a le thetsa, a se ke a le phoma ka mokgwa oo, mme le se ke la mo dumela; hobane ha ho modimo, leha e le wa setjhaba sefe kapa wa mmuso ofe, o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka le matsohong a bontate; ha ho le jwalo, Modimo wa lona wona o ka sitwa hakakang ho le namolela matsohong a ka!


Ba bolela tsa Modimo wa Jerusalema jwaloka hoja eka e le o kang medimo ya ditjhaba tsa lefatshe, e leng mesebetsi ya matsoho a batho.


Ke tseo o di entseng, mme kahobane ke ikgutseditse, o hopotse hoba nna ke ya jwaloka wena; ke tla o kgalemela, ke hlanole tsohle mahlong a hao.


Ba phahamisetsa melomo ya bona mahodimong, mme maleme a bona a lelera lefatsheng.


Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.


Esekiase a se ka a le tshepisa Jehova, ka ho re: Jehova o tla re namolela, mme motse ona o ke ke wa neelwa matsohong a morena wa Assiria.


Ekaba mohlomong, Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.


La ikgohomosetsa nna ka melomo ya lona, la mpokellela mantswe a lona; mme ka utlwa.


Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ