Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 36:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Le se ke la thetswa ke Esekiase, ha a re ho lona: Jehova o tla re namolela! Hleka medimo ya ditjhaba e namoletse o mong le o mong naha ya wona matsohong a morena wa Assiria na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 “ ‘Le se ke la kgeloswa ke Hesekiya ha a re: “Morena o tla re namolela.” Hara medimo ya ditjhaba tsee, na o teng o kileng wa lopolla naha ya wona matsohong a kgosi ya Asiria?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 36:18
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e leng bona ba reng: Re tla qhala ka maleme a rona; melomo ke ya rona; ya ka re busang ke mang?


na nke ke ka etsa Jerusalema le medimo ya hae jwalokaha ke entse Samaria le ditshwantsho tsa hae na?


Empa yena ha a lemohe hobane ho dutse jwalo, ha a lemohe pelong ya hae hobane ho jwalo, empa se ka pelong ya hae ke ho senya le ho fedisa ditjhaba tse ngata.


Kapa o re, ke tlile ho lwantsha naha ena ke se na Jehova na? Jehova ke yena ya itseng ho nna: Eya lwantsha naha eo, o e fedise.


Esekiase a se ka a le tshepisa Jehova, ka ho re: Jehova o tla re namolela, mme motse ona o ke ke wa neelwa matsohong a morena wa Assiria.


ke be ke tle ke le ise naheng e kang naha ya lona, naha ya koro le ya veine, naha ya bohobe le ya merara.


Leha o ka re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena, na?


O se ke wa thetswa ke Modimo wa hao, oo o o tshepileng ka ho re Jerusalema a ke ke a neelwa matsohong a morena wa Assiria.


Bona, le wena o utlwile seo marena a Assiria a se entseng naheng tsohle, kamoo a di timeditseng kateng. Hleka wena o re, o tla phonyoha na?


Ekaba mohlomong, Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.


Ka baka leo, ya nna ya ikgohomosa kamoo e neng e feta difate tsohle tsa naha kateng, ka bolele; mahlomela a yona a nna a ata, makala a yona a nna a hola, hobane e ne e mediswa ke metsi a mangata.


Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ