Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 36:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Le se ke la mamela Esekiase; hobane morena wa Assiria o re: Etsang kgotso le nna, le tswele ho nna, le tle le je e mong le e mong morara wa hae, e mong le e mong a je feiye ya hae, e mong le e mong a nwe metsi a sediba sa hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 “Le se ke la mamela Hesekiya, hobane kgosi ya Asiria e bua tjena: ‘Etsang selekane le nna, le ineele, ebe le tla ho nna. Motho ka mong o tla ja morara wa hae, motho ka mong a je feiye ya hae, motho ka mong a nwe le metsi a sediba sa hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 36:16
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le re: Mohlanka wa hao Jakobo ke enwa ya tlang kamora rona. Hobane o ne o re: Ke tla mo thethefatsa ka nyehelo e nketellang pele, ke ntoo bona sefahleho sa hae; ekaba o tla nkamohela.


Amohela hle nyehelo ya ka e isitsweng ho wena, hobane Modimo o nneile lehlohonolo, mme ke bile ke na le tsohle. A mo phehella jwalo; yaba o a di nka.


Davida a ntoo bea bahlabani naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgotho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata, jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, ba eja, ba enwa, ba nyakalla.


Bajuda le Baiseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba dutse ba iketlile, e mong le e mong tlasa morara wa hae le tlasa feiye ya hae, ka matsatsi wohle a Salomone.


Le se ke la kgolwa ke Esekiase, hobane ho itswe ke morena wa Assiria: Etsang kgotso le nna, le tswele ho nna, le tle le je e mong le e mong morara wa hae, e mong le e mong a je feiye ya hae, e mong le e mong a nwe metsi a sediba sa hae;


A kgutlela ho monna wa Modimo, a ena le sehlopha sa hae kaofela, a tla, a ema pela hae, a re: Bona, ke a tseba hobane ha ho Modimo lefatsheng lohle, haese Iseraeleng; jwale ke re, o amohele teboho ya mohlanka wa hao.


Ya disang sefate sa feiye o tla ja tholwana ya sona, ya bolokang monga hae hantle o tla hlomphuwa.


O nwe metsi a sekoti seo o se tjhekileng, metsi a phallang meeding ya sediba seo e leng sa hao.


ke be ke tle ke le ise naheng e kang naha ya lona, naha ya koro le ya veine, naha ya bohobe le ya merara.


Ba tla dula e mong le e mong katlasa feiye ya hae le katlasa morara wa hae, ho se ya ba tshosang, hobane molomo wa Jehova wa makgotla o boletse.


Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, le tla biletsana e mong le e mong katlasa morara le katlasa feiye.


Ke lekantse ke hona hoba ke tshwanetse ho kgothatsa baena, hore ba ke ba ye ho lona pele, mme ba phethe tokiso ya phano ya lona eo ke e boletseng, ka re, e se e lokile, e tle e be phano ya pelo, e seng ntho e etswang ka bokgonatha.


Ebile baholo ba Jabeshe ba re ho yena: Ako re balle tshiu tse supileng, re tle re romele manqosa naheng tsohle tsa Iseraele; ha ho se ya re namolelang, re tla tswela ho wena.


Mpho ke ena eo lekgabunyane la hao le tlileng le yona ho monghadi; e ke e newe bahlankana ba tsamayang le monga ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ