Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 36:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba Rabshake o ema, a howeletsa ka lentswe le leholo ka Sejuda, a re: utlwang ditaba tsa morena e moholo, morena wa Assiria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Yaba molaodi wa ntwa o a ema, o howeletsa haholo ka puo ya Seheberu, o re: “Mamelang polelo ya kgosi e kgolo, kgosi ya Asiria!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 36:13
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba phahamisa mantswe ka puo ya Sejuda, ba howeletsa ho setjhaba sa Jerusalema se neng se eme hodima lerako, hore ba tle ba se tshose, ba se tshabise, ba tle ba nke motse.


Yaba Eliakime, le Shebna, le Jowa ba re ho Rabshake: O ke o bue le rona bahlanka ba hao ka Sesiria, hobane re a se utlwa; o se ke wa bua le rona ka Sejuda, tsebeng tsa batho ba hodima lerako.


Rabshake a re: Ana o re, monga ka o nthometse ho monga hao le ho wena feela, ho bua taba tsena na? Na hase le ho banna ba dutseng hodima lerako, hore ba tsebe hore ba tla be ba je masepa a bona, ba nwe moroto wa bona hammoho le lona na?


Rabshake a re ho bona: E reng ho Esekiase: Ho itswe ke morena e moholo, morena wa Assiria: Seo o se tshepileng ke eng?


Ekaba mohlomong, Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.


ka baka leo, Morena o tla tlisa metsi a maholo a matla a noka hodima sona, ke ho re morena wa Assiria le boholo bohle ba hae; noka eo e tla tlola mela ya yona, e phalle hodima mabopo a yona wohle.


Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ