Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 36:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba Eliakime, le Shebna, le Jowa ba re ho Rabshake: O ke o bue le rona bahlanka ba hao ka Sesiria, hobane re a se utlwa; o se ke wa bua le rona ka Sejuda, tsebeng tsa batho ba hodima lerako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Jwale bo-Eleakime le Shebena le Jowa ba re ho molaodi wa ntwa: “Re a o kopa: Ako bue Searame le bahlanka ba hao, hobane re a se tseba. O se ke wa bua Seheberu moo batho bana ba lerakong ba ntseng ba utlwa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 36:11
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, mehleng ya Artakserksese, Bishlame, le Mithredathe, le Thabeele, le balekane ba bang ba bona, ba ngolla Artakserksese, morena wa Persia; lengolo le ne le ngodilwe ka dihlaku tsa Searame, hape le ngodilwe ka puo oa Searame.


Morena, Jehova wa makgotla, o boletse, a re: Tloha, o ye ho mmoloki wa leruo, ho Shebna, qhoku ya ntlo ya borena, o re ho yena:


Ka tsatsi leo, ke tla bitsa mohlanka wa ka Eliakime, mora wa Hilkia;


Rabshake a re: Ana o re, monga ka o nthometse ho monga hao le ho wena feela, ho bua taba tsena na? Na hase le ho banna ba dutseng hodima lerako, hore ba tsebe hore ba tla be ba je masepa a bona, ba nwe moroto wa bona hammoho le lona na?


Yaba Rabshake o ema, a howeletsa ka lentswe le leholo ka Sejuda, a re: utlwang ditaba tsa morena e moholo, morena wa Assiria.


e be bahlankana ba se nang sekodi le letheba, ba difahleho tse ntle, ba bohlale, ba tswetseng pele tsebong, ba fetisang ka kelello, ba lokelang ho kena tshebeletsong ya ntlo ya borena; ba tla rutwa puo le mangolo a Bakalde.


Bakalde ba re ho morena ka puo ya Sesiria: Morena, o fele o phele ka ho sa feleng! Bolella bahlanka ba hao toro, mme re tla o tsebisa kwahollo ya yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ