Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 34:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Hobane o rerile bakeng sa tsona; letsoho la hae le tla di arolela lefatshe, a le lekanye ka kgole; di tla le rua ka ho sa yeng kae, di phele teng kamehla le mehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Morena o di abetse naha ka lotho, ka tsoho la hae o di fa ka ho lekana, di tla rua naha eo kamehla yohle, meloko ya tsona e phele ho yona ka ho hlahlamana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 34:17
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

wa lelekisa matjhaba pela bona, wa ba arolela lefa la bona ka thapo, mme wa kenya meloko ya Iseraele ditenteng tsa yona.


Ditjhaba di duma jwalokaha ho duma metsi a mangata. Empa Modimo o a di kgalemela, di balehela hole, di lelekiswa jwaloka mooko wa dithaba ha moya o foka, le jwaloka lerole pela sefefo.


Bonang, mantsiboya, tshenyeho e hlahile hang; ha bo eso ho se, ha bo ho se ho se motho! Ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, le kabelo ya ba re hlobodisang.


E ke ke ya tingwa ke motho bosiu le motshehare, mosi wa yona o tla nyoloha ka ho sa yeng kae, e tla ba nahathothe kamehla le mehla; ha ho motho leha a le mong ya tla feta teng.


E tla ruwa ke moholodi le ke hlong; sephooko le lekgwaba di tla aha teng, mme e tla lekanngwa ka thapo ya tshenyo le ka thapo ya polao.


Eo ke kabelo ya hao, karolo eo ke o lekanyetsang yona, ho bolela Jehova, hobane o hlile wa ntebala, mme o itshepetse leshano.


Eitse hobane o fedise ditjhaba tse supileng lefatsheng la Kanana, wa ba abela naha eo ka dilemo tse batlileng ho ba makgolo a mane a nang le mashome a mahlano.


O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;


hobane kabelo ya Jehova ke setjhaba sa hae; mme Jakobo ke kabelo ya lefa la hae.


Ebile banna bao ba tloha, ba tsamaya. Joshua a laela ba yang ho lekanya naha, a re: Tlohang, le ye le naha, le e lekanye, le ntoo boela ho nna, ke tle ke le laolele mona Silo, pela Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ