Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 34:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 E ke ke ya tingwa ke motho bosiu le motshehare, mosi wa yona o tla nyoloha ka ho sa yeng kae, e tla ba nahathothe kamehla le mehla; ha ho motho leha a le mong ya tla feta teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 E ke ke ya tingwa motsheare le bosiu, mosi wa yona o tla foqoha kamehla yohle. Naha e tla ba nanaola ka mengwaha yohle, ha ho ya sa tla feta hara yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 34:10
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morui o tla fetoha twala, mosebetsi wa hae e be hlase ya mollo, ba tla tjha hammoho, ya ba timang o tla hlokahala.


A ke ke a tsoswa le ka mohla o le mong, batho ba ke ke ba aha teng ho isa mefuteng le mefuta; Baarabe ba ke ke ba hloma ditente tsa bona teng, badisa ba ke ke ba etsa meraka teng.


Bonang, Jehova o ya hlobodisa lefatshe, a le etse nahathothe, a le senye sebopeho, a qhalanye baahi ba lona.


Hobane o rerile bakeng sa tsona; letsoho la hae le tla di arolela lefatshe, a le lekanye ka kgole; di tla le rua ka ho sa yeng kae, di phele teng kamehla le mehla.


Mme ha ba tla tswela ntle, ba tla bona ditopo tsa batho ba ikgantsheditseng nna; hobane seboko sa bona se ke ke sa eshwa, mollo wa bona o ke ke wa tima, mme e tla ba ntho e tshabehang ho nama yohle.


Jwalokaha ho kile ha eba ho ripitlweng ha Sodoma le ha Gomorra, le ha metse e mabapa le teng, ho bolela Jehova, ho ke ke ha aha motho leha e le ngwana motho ho ikahela teng.


Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.


Ha ho sa tla hata teng leoto la motho, ha ho tlhako ya kgomo e tla tsamaya teng, mme ha e ka ke ya ahuwa ka dilemo tse mashome a mane.


Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!


mme ba bokolla ha ba bona mosi wa ho tjha ha wona, ba re: Motse ke ofe o tshwanang le motse o moholo oo?


Mme ba pheta ba re: Alleluya! Mosi wa sona o nyoloha kamehla le mehla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ